“Ke Tla Pota Aletare ea Hao, Jehova”
“KE TLA hlapa matsoho a ka ka ho hloka molato, ’me ke tla pota aletare ea hao, Jehova.” (Pesaleme ea 26:6, NW) Morena Davida oa boholo-holo o ile a bolela boinehelo ba hae ho Jehova ka mantsoe ana. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha a ne a tla “pota” aletare ea Jehova, ’me e le ka kutloisiso efe?
Ho Davida, setsi sa borapeli ba Jehova e ne e le tabernakele e nang le aletare ea mahlabelo e sekoahelo sa koporo, eo nakong ea puso ea hae e neng e le Gibeone, ho ella ka leboea ho Jerusalema. (1 Marena 3:4) Aletare ena e ne e le boholo ba lisekoere mithara tse ka bang 2,2 feela, e le nyenyane ho aletare e ntle haholo e neng e tla ahoa mabaleng a tempele ea Solomone.a Ho ntse ho le joalo, Davida o ne a thabisoa haholo ke tabernakele le aletare ea eona, eo e neng e le setsi sa borapeli bo hloekileng Iseraeleng.—Pesaleme ea 26:8.
Linyehelo tse chesitsoeng, mahlabelo a kopanetsoeng le linyehelo tsa molato li ne li etsetsoa aletareng ena, ’me ntho e ka sehloohong e neng e etsoa ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo e ne e le ho nyeheloa ha mahlabelo bakeng sa sechaba. Aletare le mahlabelo a eona li na le seo li se bolelang ho Bakreste kajeno. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore aletare e ne e emela thato ea Molimo, eo ho ea ka eona A ileng a amohela sehlabelo se loketseng bakeng sa ho lopolla moloko oa batho. Pauluse o itse: “Ka ‘thato’ e boletsoeng re halalelitsoe ka ho nyeheloa ha ’mele oa Jesu Kreste hang le ka ho ke keng ha phetoa.”—Baheberu 10:5-10.
Ha ba se ba tla qalisa ho sebeletsa aletareng, ka tloaelo baprista ba ne ba hlapa matsoho a bona metsing ho itlhoekisa. Joale, ka ho loketseng, Morena Davida o ile a hlapa matsoho a hae “ka ho hloka molato” pele ‘a pota aletare.’ O ile a sebetsa “ka pelo e tšepahalang le ka ho loka.” (1 Marena 9:4, NW) Haeba a ne a sa ka a hlapa matsoho a hae ka tsela ena, borapeli ba hae—ho ‘pota ha hae aletare’—bo ka be bo sa ka ba amoheleha. Ka sebele, Davida e ne e se Molevi ’me o ne a se na tokelo ea ho etsa tšebeletso ea boprista aletareng. Le hoja e ne e le morena, o ne a sa lumelloa le ho kena ka lebaleng la tabernakele. Ho ntse ho le joalo, e le Moiseraele ea tšepahalang, o ne a mamela Molao oa Moshe ’me kamehla o ne a tla le linyehelo tsa hae hore a li hlahise aletareng. O ne a pota aletare ka kutloisiso ea ho etsa hore bophelo ba hae bo likolohe borapeling bo hloekileng.
Na kajeno re ka latela mohlala oa Davida? E. Le rōna re ka hlapa matsoho a rōna ka ho hloka molato ’me ra pota aletare ea Molimo haeba re sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu ’me, re sebeletsa Jehova ka pelo eohle ‘ka matsoho a se nang molato le lipelo tse hloekileng.’—Pesaleme ea 24:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Aletare eo e ne e le boholo ba lisekoere mithara tse ka bang robong.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Aletare e ne e emela thato ea Jehova, eo ho ea ka eona a amohelang sehlabelo se nepahetseng bakeng sa ho lopolla moloko oa batho