Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 8/1 leq. 32
  • Bohlale ba Bomolimo—Bo Bontšoa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlale ba Bomolimo—Bo Bontšoa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 8/1 leq. 32

Bohlale ba Bomolimo—Bo Bontšoa Joang?

‘BOHLALE ba mofutsana boa nyelisoa, ’me mantsoe a hae ha a eloe hloko.’ Ka mantsoe ana, Morena Solomone ea bohlale o ile a qetella pale ea motho ea tlaasana empa a le bohlale ea ileng a pholosa motse kaofela timetsong. Leha ho le joalo, ka masoabi “motho eo oa mofutsana ha a ka a hopoloa ke motho.”—Moeklesia 9:14-16.

Batho ba sekamela ho nyeliseng mafutsana, le hoja liketso tsa mafutsana ana li ipabola. Ho ne ho le joalo tabeng ea Jesu. Esaia o ile a profeta ka eena: “O nyatsitsoe, a furalloa ke batho; ke motho oa mahloko, ea tsebang mahlomola.” (Esaia 53:3) Ba bang ba ne ba nyelisa Jesu hobane feela a ne a sa lekane ka boemo kapa ka botumo le baeta-pele ba mehleng ea hae. Empa ka bohlale, o ne a feta hōle motho leha e le ofe oa moetsalibe. Batho ba motseng oa habo Jesu ba ne ba hana ho lumela hore ‘mora enoa oa ’metli’ o bontšitse bohlale bo joalo le ho etsa mesebetsi e joalo e matla. Leha ho le joalo, eo e ne e le phoso e mpe haholo, hobane tlaleho ena e tsoela pele ho re Jesu “ha aa ka a etsa mesebetsi e matla e mengata moo ka lebaka la ho hloka tumelo ha bona.” Ke tahlehelo e kaakang bakeng sa batho bao!—Matheu 13:54-58.

E se eka re ke ke ra etsa phoso e tšoanang. Jesu o itse: “Bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” Ba etsang mosebetsi oa Molimo ’me ba bontša bohlale ba leholimo ba khethollehile, eseng ka botumo ba bona kapa boemo ba bona sechabeng, empa ka “litholoana tse ntle” tseo ba li hlahisang—tumelo ea bona e thehiloeng Bibeleng le liketso tsa bona.—Matheu 7:18-20; 11:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela