Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 10/1 maq. 30-31
  • “Pōli ea Thaba e Khahlehang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Pōli ea Thaba e Khahlehang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 10/1 maq. 30-31

“Pōli ea Thaba e Khahlehang”

BONGATA ba rōna ha re hlalosa pōli re ke ke ra re ea khahleha. Re ka ’na ra nahana ka lipōli e le liphoofolo tse nang le thuso tse jang hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le tseo ho tsona re fumanang nama e monate le lebese le matlafatsang—empa ke ka seoelo re ka reng lia khahleha.

Leha ho le joalo, Bibele e hlalosa mosali ea nyetsoeng e le “khama e tšehali e ratehang le pōli ea thaba e khahlehang.” (Liproverbia 5:18, 19, NW) Solomone, e leng mongoli oa buka ea Liproverbia, o ne a shebella ka hloko libōpuoa tse hlaha tsa Iseraele, ka hona ha ho pelaelo hore o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho sebelisa puo ena ea tšoantšetso. (1 Marena 4:30-33) Mohlomong, joaloka ntat’ae Davida, o ne a ile a lemoha lipōli tsa thaba tse khathaletsang tikolohong ea Ene-gedi, haufi le lebōpo la Leoatle le Shoeleng.

Mehlatsoana ea lipōli tsa thaba tse phelang haufi le Lehoatata la Judea li khathaletsa selibeng sa Ene-gedi. Kaha seliba sena ke sona mohloli o le mong oa metsi o sa psheng sebakeng sena se letsoatlare, ka makholo a lilemo Ene-gedi e bile sebaka se ratoang seo lipōli tsa thaba li noang ho sona. Ha e le hantle lebitso Ene-gedi e ka ’na eaba le bolela “seliba sa potsanyane,” e leng bopaki ba hore lipotsanyane ha li fele sebakeng sena. Ke hona moo Morena Davida a ileng a balehela mahloriso a Morena Saule teng, le hoja a ne a tlameha ho lula joaloka mophaphathehi “mafikeng a sa koaheloang ke letho a lipōli tsa thaba.”—1 Samuele 24:1, 2, NW.

Ene-gedi ke moo u ka ’nang ua shebella pōli ea naheng, kapa pōli ea thaba ha e hlehla ka bokhabane ho theosa le khohlo e lilomo e latetse phooko e eang moo metsi a leng teng. Joale u ka qala ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mosali ea tšepahalang a tšoantšoa le pōli ea naheng e tšehali. Mosa oa hae oa tlhaho le seriti sa hae le tsona li senola makhabane a basali. Poleloana e reng “e khahlehang” e ka ’na eaba e bolela ponahalo e khabane le e nang le seriti ea pōli ea thaba.a

Pōli e tšehali ea naheng e tlameha ho mamella mathata hammoho le ho etsa lintho ka bokhabane. Joalokaha Jehova a ile a totobaletsa Jobo, pōli ea thaba e tsoalla maphaong, mafikeng, libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona moo lijo li ka ’nang tsa haella le moo mocheso le mohatsela li leng matla. (Jobo 39:1) Ho sa tsotellehe mathata ana, e hlokomela lipotsanyane tsa eona ’me e li ruta ho hloa le ho lakoma mafikeng joaloka eona. Pōli ea naheng e boetse e sireletsa lipotsanyane tsa eona ka matla liphoofolong tse jang nama. Moshebelli e mong o ile a bona pōli ea thaba e qeta halofo ea hora e ntse e leleka ntsu, ha potsanyane e ntse e itšireletsa ka tlas’a eona.

Basali ba Bakreste le bo-’mè ba atisa ho tšoara thipa ka bohaleng ha ba hōlisa bana. Joaloka pōli ea thaba, ba bontša boinehelo le boitelo ha ba phetha boikarabelo bona boo ba bo filoeng ke Molimo. Ka sebete ba loanela ho sireletsa bana ba bona likotsing tsa moea. Kahoo, ho e-na le hore ebe Solomone o nyenyefatsa basali ka puo ena ea tšoantšetso, o ne a hlile a hlokomelisa ka bokhabane le botle ba basali—e leng litšoaneleho tsa moea tse bonahalang ka ho khanyang esita le maemong a thata ka ho fetisisa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ea ka The New Brown-Driver-Briggs-Gesenius Hebrew and English Lexicon, lentsoe la Seheberu chen, le fetoletsoeng e le “e khahlehang” moelelong ona, le bolela ‘sebōpeho le ponahalo e khabane kapa e nang le seriti.’

[Litšoantšo tse leqepheng la 30, 31]

Mosali le ’mè oa Mokreste o bonahatsa litšoaneleho tse ntle tsa moea ha a phethahatsa boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela