‘Se Lokelang ho Thabisa Bohle’
TUVALU ke naha e ntle ea Pacific Boroa e entsoeng ka lihlekehleke tse robong, e nang le baahi ba ka bang 10 500. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tsa sebakeng seo li ne li labalabela ho ba le lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea habo tsona hobane li ne li hlokomela hore “thato ea [Molimo ke] hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Sena se ne se baka bothata, kaha ho ne ho se na buka e hlalosang mantsoe ka puo eo. Ka 1979, moromuoa oa Lipaki tsa Jehova ea sebeletsang Tuvalu o ile a sebetsana le bothata bona. Eena le mosali oa hae ba ile ba lula le lelapa la sebakeng seo, ba ithuta puo eo, ’me butle-butle ba etsa lethathamo la mantsoe a Setuvalu le litlhaloso tsa ’ona. Ka 1984, buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e ile ea hatisoa ka Setuvalu ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Dr. T. Puapua, eo e neng e le tona-khōlō ea Tuvalu, o ile a ngola lengolo la ho ananela buka ea Phela ka ho sa Feleng. A re: “Buka ena ke letlotlo le leng le lecha le la bohlokoahali le ekeletsoang ‘matlotlong’ a bohlokoa a Tuvalu. Le lokela ho nyakallela karolo eo le e phethileng—ke karolo e molemohali ho haheng bophelo ba moea ba batho ba sechaba sena. Ke lumela hore buka ena e tla kenngoa historing ea Tuvalu ea khatiso ea libuka tse rutang. . . . Sena [se finyeletsoeng] se lokela ho thabisa bohle.”
Lethathamo la mantsoe a bokeletsoeng ke bafetoleli bana le ile la etsa hore ka 1993 ho hatisoe buka e hlalosang mantsoe ea Setuvalu le Senyesemane. E ne e le buka ea pele e hlalosang mantsoe ka puo eo, eo batho bohle ba ka e sebelisang. Morao tjena, National Language Board of Tuvalu e ile ea kōpa hore e lumelloe ho e sebelisa ha e etsa buka ea eona ea pele e hlalosang mantsoe ea puo ea moo.
Ho tloha ka la 1 January, 1989, khatiso ea khoeli le khoeli ea makasine ea Molula-Qhooa e ’nile ea hatisoa ka Setuvalu. Haeba u bala makasine ena ka puo eo e seng ea hao, ke hobane’ng ha u sa shebe leqepheng la 2 ’me u bone hore na puo ea hao e teng lipuong tseo Molula-Qhooa o hatisoang ka tsona? Ha ho pelaelo hore ho e bala ka puo ea hao ho tla u thabisa ka ho eketsehileng.