Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 1/15 leq. 32
  • Se ba Thusang ho Hanyetsa Khatello ea Lithaka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ba Thusang ho Hanyetsa Khatello ea Lithaka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 1/15 leq. 32

Se ba Thusang ho Hanyetsa Khatello ea Lithaka

TAKATSO ea ho amoheleha e susumelletsa ba bangata ho khema le lithaka tsa bona. Bacha ke bona ba hlileng ba hlokang matla a ho hana ho kopanela mekhoeng e kotsi, e kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Ke eng e ka ba thusang ho hanyetsa khatello ea lithaka?

Bacha ba babeli ba banana ba Poland ba sa tsoa ngola: “Moea oa lefatše o totobetse har’a lithaka tsa rōna tse ngata. Lia qhekella ha ho ngoloa litlhahlobo, li sebelisa puo e litšila, ’me li rata lifeshene le ’mino o bontšang ho se laolehe le ho hloka boitšoaro. Re thaba hakaakang hore ebe re na le lihlooho tse tobileng rōna bacha le tse re sireletsang tšusumetsong ea bacha ba sa khotsofalang le ba marabele!

“Ha re na mantsoe a ho hlalosa teboho ea rōna bakeng sa lihlooho tsa Molula-Qhooa tse re tiiselitseng hore joaloka bacha rea hlokoa ebile rea ananeloa. Keletso ea Bibele eo re e fumaneng e re thusitse ho tsamaisa mehato ea rōna ka nepo e le hore re tsoele pele re thabisa Jehova Molimo. Re kholisehile hore tšebeletso e etsetsoang Jehova ka botšepehi ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo.”

E, bacha ba ka hanyetsa khatello ea lithaka. Ka ho koetlisa “matla a bona a ho lemoha,” bacha ba Bakreste ba ithuta ho etsa liqeto tse bohlale tse sa bonahatseng “moea oa lefatše” empa, ho e-na le hoo, li bonahatsa “moea o tsoang ho Molimo.”—Baheberu 5:14; 1 Bakorinthe 2:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela