Ntoa e Khahlanong le Bofutsana—Na ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?
HA BAHAHLAULI ba etela mohaho oa Machaba a Kopaneng o New York City ba bona Phaposi ea Lekhotla la Litaba tsa Moruo le Tšebeletso ea Sechaba, eo lipeipi le likotopo tsa eona li pepesehileng silinng ka holim’a sebaka sa lipontšo tsa mesebetsi ea bonono. Motho ea ba tsamaisang oa hlalosa: “Siling ena ‘e sa qetoang’ hangata e nkoa e tšoantšetsa khopotso ea hore mosebetsi oa moruo le tšebeletso ea sechaba oa Machaba a Kopaneng ha ho mohla o felang; kamehla ho tla ba le ho hongata ho ka etsoang ho ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba lefatše.”
Le hoja Lekhotla lena le ikemiselitse ho finyella le ho khothalletsa mokhoa o phahameng oa bophelo bakeng sa batho bohle, mosebetsi oo o bonahala e le ntho e sa feleng. Ka ho thahasellisang, nakong ea tšebeletso ea hae ha a le lefatšeng lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu Kreste o ile a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo.” (Luka 4:18) “Litaba tse molemo” tseo a neng a li bolela ke life? E ne e le molaetsa o malebana le ’Muso oo Jehova Molimo, ea fetohang ‘qhobosheane ho mofutsana ea mahlomoleng,’ a tla o hloma Jesu Kreste e le Morena oa oona. ’Muso oo o tla finyella eng? Esaia o ile a profeta: “Ka sebele Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle . . . mokete oa lijo tse nang le oli e ngata, mokete oa veine e nang le litšifa, oa lijo tse nang le oli e ngata tse tletseng moko, oa veine e nang le litšifa, e tlhotliloeng. O tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:4-6, 8.
Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng kamoo ’Muso oa Molimo o tla “ntlafatsa maemo a bophelo a batho ba lefatše,” e le hore ho se hlole ho e-ba le bofutsana? Bona boitsebiso bo ka tlaase bakeng sa ho ithuta kamoo u ka eteloang ke mosuoe ea tšoanelehang bakeng sa ho u bontša ho eketsehileng ka seo Bibele e se bolelang ka maemo a joalo.