Na Bolumeli bo Tla Tlisa Khotso ea Lefatše?
HO TLOHA ka la 28 August ho ea ho la 31 August, 2000, baemeli ba fetang 500 ba tsoang linaheng tse 73 ba ile ba bokana New York City. Ba ne ba kopane mohahong oa Machaba a Kopaneng bakeng sa “Seboka sa Lefatše sa Khotso sa Sekete sa Lilemo sa Baeta-pele ba Bolumeli le ba Moea.” Baeta-pele bana—bao boholo ba bona bo neng bo roetse lituku tse khōlō le likatiba tse masiba, bo apere lipurapera tse ’mala oa lamunu kapa tse ntšo—ba ne ba emela malumeli a mangata. A mang a ’ona e ne e le Baha’i, Bobuddha, Bohindu, Boislamo, Bojaine, Bojuda, Boshinto, Bosikh, Botao, Bozoroaster, le malumeli a Bokreste-’mōtoana.
Baemeli bana ba ile ba kopana mohahong oa Machaba a Kopaneng ka matsatsi a mabeli a pele a seboka sena sa matsatsi a mane. Leha ho le joalo, seboka sena se ne se sa hlophisoa le ho tšehetsoa ka lichelete ke Machaba a Kopaneng empa se ne se tšehelitsoe ke mekhatlo ea lithuso e fapa-fapaneng. Ho sa tsotellehe boemo boo, Machaba a Kopaneng le baeta-pele ba bolumeli ba ile ba bua ka bohlokoa ba ho sebelisana e le hore ho felisoe bofuma, bomorabe, mathata a tikoloho, ntoa le lihlomo tse bakang tšenyo e khōlō.
Baemeli bana ba ile ba saena tokomane e bitsoang “Boinehelo Khotsong ea Lefatše.” Le hoja tokomane ena e lumela hore pefo le ntoa “ka linako tse ling li ntšetsoa pele ka lebitso la bolumeli,” e boletse hore ba e saenang ba ne ba tla “sebelisana le Machaba a Kopaneng . . . ho phehelleng khotso.” Leha ho le joalo, ho ne ho se na liqeto tse tobileng tse bontšang hore na sena se ka etsoa joang.
Ka letsatsi la bobeli, Bawa Jain, mongoli-kakaretso oa seboka sena, o ile a lihela likhala ka ho hlalosa hore lilemong tse itseng tse fetileng o ne a bone setšoantšo se seng se pentuoeng Machabeng a Kopaneng. Setšoantšo sena e ne e le sa monna e molelele ho feta mohaho oa Tsamaiso ea Machaba a Kopaneng. O ne a kokota mohahong joalokaha eka ke monyako. Ka tlas’a setšoantšo sena ho ne ho e-na le mantsoe ana: “Khosana ea Khotso.” Monghali Jain o ile a re: “[Setšoantšo sena] se ile sa ntšusumetsa ka matla ha ke se bona. Ke ile ka botsa batho ba fapa-fapaneng hore na [se] bolela’ng. Ke nahana hore kajeno ke na le karabo. Ho khobokana ha lōna mona le le baeta-pele ba lefatše ba bolumeli le ba moea ho mpontša hore ke khosana ea khotso e kokotang monyakong oa Machaba a Kopaneng.”
Bibele e na le pono e fapaneng le eo. E bontša hore Khosana ea Khotso ke Jesu Kreste. O tla tlisa khotso ea lefatše lohle, ’me a sa e tlise ka boiteko ba baeta-pele ba lefatše lena ba lipolotiki kapa ba bolumeli, empa a e tlisa ka ’Muso oa Molimo. Ke ’Muso ona—puso ea leholimo ea Molimo—o tla atleha ho momahanya moloko oa batho o mamelang le o tla etsa hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng.—Esaia 9:6; Matheu 6:9, 10.