Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 8/1 leq. 32
  • E Tšoarella ho Feta Khauta e Hloekileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Tšoarella ho Feta Khauta e Hloekileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 8/1 leq. 32

E Tšoarella ho Feta Khauta e Hloekileng

BATHO ba batla khauta haholo ka lebaka la botle ba eona le ho tšoarella ha eona. E rateha haholo ka lebaka la hore ho bonahala e lula e phatsima hape e sa senyehe ka ho sa feleng. Lebaka ke hore khauta ha e hlaseloe ke metsi, oksijene, sebabole le hoo e ka bang ntho e ’ngoe le ’ngoe. Lintho tse ngata tsa khauta tse fumanoeng likepeng tse tebileng le libakeng tse ling li ntse li phatsima le ka mor’a makholo a lilemo.

Leha ho le joalo, se khahlisang ke hore Bibele e bolela hore ho na le ntho e tšoarellang ho feta le “ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta e timelang ho sa tsotellehe ho pakoa ha eona ka mollo.” (1 Petrose 1:7) Khauta ‘e pakiloeng,’ kapa e hloekisitsoeng ka mollo le mekhoa e meng e ka hloeka ho fihlela karolong ea 99,9 lekholong. Leha ho le joalo, le eona khauta e hloekisitsoeng ea timela, kapa ea qhibiliha ha e kenngoa ka har’a aqua regia (metsi a marena), motsoako oa likarolo tse tharo tsa hydrochloric acid le karolo e le ’ngoe ea nitric acid. Kahoo, ho latela saense, Bibele e nepile ha e bolela hore ‘khauta ea timela.’

Ho fapana le seo, tumelo ea ’nete ea Bokreste e ‘boloka moea o phela.’ (Baheberu 10:39) Batho ba ka bolaea motho ea nang le tumelo e matla, joalokaha ba ile ba bolaea Jesu Kreste. Empa ba nang le tumelo ea ’nete ba fuoa tšepiso ena: “U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:10) Ba shoang ba e-na le tumelo ba lula mohopolong oa Molimo, ’me o tla ba tsosa. (Johanne 5:28, 29) Khauta leha e ka ba ngata hakae e ke ke ea tsosa motho. Ntlheng ena, tumelo ke ea bohlokoa haholo ho feta khauta. Leha ho le joalo, hore tumelo e be le matla a fetisisang joalo, le eona e tlameha ho pakoa, kapa ho lekoa. Ha e le hantle, Petrose o boletse hore “tšobotsi . . . e lekiloeng ea tumelo,” ke ea bohlokoa ho feta khauta. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta Bibele e le hore u hlaolele le ho boloka tumelo e matla ho Jehova, Molimo oa ’nete le ho Jesu Kreste, Mora oa hae. Ho ea ka Jesu, “sena se bolela bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela