Leboha ’me U Thabe
KORANTA ea Canada e bitsoang Calgary Herald e ile ea re: “Boikutlo ba tlhaho ba ho leboha ke ntho ea bohlokoa e etsahalang ka tlhaho ho batho.” Koranta ena, Herald, e ne e qotsitse liithuti tsa sekolo sa mathomo tse lilemo li robong tseo tichere ea tsona e neng e li kōpile ho ngola ka lintho tsohle tseo li li lebohang. Mocha e mong o ile a ngola hore o leboha lelapa labo ‘hobane le mo hlokometse.’ Mocha e mong oa ngoanana le eena o ne a leboha lelapa labo, a re: “Le mpoloka ke sireletsehile, ke phetse hantle, lea ntlhokomela, lea nthata, lea mphepa, ’me hoja e ne e se ka batsoali ba ka, nka be ke le sieo mona lefatšeng.”
Ho hloka teboho ho baka ho se khotsofale ho sa feleng. Ho ea ka rafilosofi oa thuto ea bolumeli J. I. Packer, “re bōpetsoe hore re phele re itšetlehile ka Molimo le ho itšetleha ka ba bang feela joalokaha le bona ba itšetlehile ka rōna.” Sena se re hopotsa keletso e bohlale ea Bibele e ileng ea ngoloa makholong a lilemo a fetileng, e reng: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Ho bontša ba bang teboho le kananelo e tlohang pelong ho thusa ho hlaolela botsoalle bo tsotellang.
Ho feta moo, ka ho ba le teboho le ho ananela ba bang, re boetse re iponahatsa re le ba lebohang ho Jehova, ’me o hlokomela seo. Bibele e re: “Mahlo [a Jehova] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Molimo o re tiisetsa hore o hopola lerato leo batho ba le bontšang bakeng sa lebitso la hae ebile o le nka e le ntho ea bohlokoa. (Baheberu 6:10) E, re na le lebaka le molemo la ho bontša teboho hobane tšobotsi ena ea bomolimo, ha e bontšoa kamehla, e thabisa Jehova ’me e re ekelletsa thabo. Ho joalokaha Liproverbia 15:13 e re: “Pelo e thabileng e na le phello e ntle sefahlehong.”