“Letsatsi la ho Mamella Malumeli a Mang”
A KHAHLILOE ke moqoqo oo a bileng le oona le Lipaki tsa Jehova, mosuoe-hlooho oa sekolo se seng Poland o ile a khetha “Letsatsi la ho Mamella Malumeli a Mang” sekolong sa hae. O ile a etsa tlhahiso ea hore baithaopi liithuting tsa hae—e leng Mak’hatholike, Mabuddha le Lipaki tsa Jehova—ba lokisetse lipuo tse khutšoanyane tse tla tloaetsa liithuti tse ling litumelo tsa bona le litloaelo tsa bona. Lipaki tsa Jehova tse tharo tsa bacha li ile tsa ithaopa hang-hang.
Ha letsatsi leo le fihla, Malwina ea lilemo li 15 o ile a hleka sebae. Har’a tse ling, o ile a re: “Ba bangata ba lōna le re tsebile le pele re qala ho kena sekolo sena hobane re ile ra le etela mahabo lōna. Mohlomong le ipotsa hore na ke hobane’ng ha re ntse re etsa seo. Ke hobane re latela mohlala oa Jesu Kreste, Mothehi oa Bokreste. O ne a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo hohle moo batho ba leng teng. Baapostola le Bakreste ba bang ba pele ba ile ba etsa se tšoanang. Libakeng tse ngata, Lipaki tsa Jehova li mamella liteko tse thata tsa tumelo, empa re thabile ha e le mona sekolong sa rōna re thabela khotso, eo kaofela ha lōna le tlatselitseng ho eona. Rea le leboha!”
Ha a lihella likhala, Malwina o ile a re: “Ho boetse ho na le lebaka le leng leo ka lona re le etelang mahabo lōna. Rea le tsotella. Bibele e bolela hore haufinyane moloko oa batho o tla hlaheloa ke liketsahalo tse tla tšosa lefatše. Kahoo, ha re le etela hape, ka kōpo ipheng nako ea ho mamela. Re rata ho le tsebisa kamoo re ka phelang hammoho kateng ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.”
Sebui se latelang e bile Mateusz, le eena a le lilemo li 15. Mateusz o ile a bolella bamameli ba hae hore ho theosa le lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho phatlalatsa litaba tse molemo. Ka mohlala, ka 1914—mehleng ea libaesekopo tse se nang molumo—Lipaki li ne li bontša “Photo-Drama of Creation,” e leng baesekopo le li-slide tse tsamaisanang le molumo.
Mateusz o ile a bua ka karolo ea seea-le-moea ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso eaba o hlalosa tsamaiso e ikhethang ea lipuo tse ngata ea elektronike ea ho seta litlhaku ka mochine filiming kapa pampiring e kang filimi ea foto e laoloang ka k’homphieutha (MEPS) e entsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Hape o ile a pheta kamoo Lipaki tsa Jehova li thusitseng kateng ho tsebisa lingaka litsela tsa ho phekola ntle ho mali. O ile a re: “Hona joale, lingaka tse tummeng tsa Poland li bua hantle ka khato ea rōna ’me li hatisa hore selemo le selemo bakuli ba ntseng ba eketseha bao e seng Lipaki ba buuoa ntle ho mali.”
Mateusz o ile a lihela likhala ka ho pheta ka kaho ea Liholo tsa ’Muso eaba o re: “Na le ka thabela ho etela ea rōna? Ho kenoa mahala, ebile ha ho nkoe koleke.” Ha Mateusz a bua ka setsi sa kopano se Sosnowiec, o ile a re: “Le tlameha ho bona mohaho ona o moholo le o phethang morero oa oona hamolemo. Ke hobane’ng ha re sa eeng moo hammoho? Re na le tlhahiso, ’me motsoalle oa rōna Katarzyna o tla le bolella eona.”
Ka mor’a moo, Katarzyna ea lilemo li 15 o ile a re ka cheseho: “Le lokolohile ho ea Sosnowiec bakeng sa kopano ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Ho tla tšohloa lihlooho tse amang bacha.” Katarzyna o ile a boela a bua ka mokete oa bohlokoa oa Bakreste—e leng Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste. O ile a khothalletsa bamameli ba hae: “Selemong se fetileng lefatšeng ka bophara batho ba fetang limilione tse 14 ba ile ba e-ba teng moketeng ona. Ke hobane’ng ha le sa be teng lekhetlong le latelang?”
Ka mor’a lipuo tsa bona, Malwina, Mateusz le Katarzyna ba ile ba fa matichere buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo le lik’hasete tse peli tsa video tse buang ka litumelo le mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova.a Matichere a ile a li amohela ka kananelo ’me a tšepisa hore a tla li sebelisa ha a ruta histori.
Ha lenaneo le fela, Martyna ea lilemo li 12 o ile a bapalla bohle ba neng ba phuthehile pina e nang le sehlooho se reng “Rea U Boka, Jehova.” Bacha bana ba Lipaki ‘ba ile ba iteta sebete ka Molimo oa bona’ ’me ba fana ka bopaki bo botle. (1 Bathesalonika 2:2) Ke mohlala o babatsehang hakaakang bakeng sa Lipaki tse nyenyane hohle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Katarzyna o khetha mangolo bakeng sa puo ea hae
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Malwina o lokisetsa puo matsatsi a seng makae pele a fana ka eona sekolong