Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 11/15 leq. 32
  • “Ke Tla le Bona ’Musong oa Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Tla le Bona ’Musong oa Molimo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 11/15 leq. 32

“Ke Tla le Bona ’Musong oa Molimo”

“Motsoalle ea Ratehang! Rupert, kajeno ke ahloletsoe lefu. U se ntelele. Ke romela lerato la ka ho uena le ho e mong le e mong ka lapeng. Ke tla le bona ’Musong oa Molimo.”

FRANC DROZG o ile a ngola mantsoe ana ka la 8 June, 1942, metsotsoana pele a thunngoa ke masole a Manazi. O ne a bolaeloa eng?

Ho latela litlaleho tsa Musiamo oa Tokoloho ea Sechaba o Maribor, Slovenia, setei sena sa tšepe se lilemo li 38 se ile sa hana ho ba karolo ea Wehrmannschaft, lebotho le kang la sesole la Jeremane le neng le le Slovenia e tletseng Majeremane. E ne e le Bibelforscher, kapa Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng sebakeng seo. A phela tumellanong le Esaia 2:4, o ne a hana ho tšehetsa mosebetsi oa Manazi oa ntoa, a ipolela e le mofo oa ’Muso oa Molimo.—Matheu 6:33.

Motseng oa habo oa Ptuj, Franc o ne a tsejoa e le ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Ho sa tsotellehe mathata a mangata, o ile a bolela litaba tse molemo a sa khaotse ho fihlela a tšoaroa ka May 1942.

Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa Slovenia li ile tsa hlorisoa ka matla ke Manazi. Franc e bile oa pele ho tsona ea ileng a bolaoa ka lebaka la seo a se lumelang. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, o ile a matlafatsoa ke mantsoe ana: “Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:22) Ho lumela ha hae hore ’muso oo oa leholimo ke oa sebele ho ile ha totobatsoa ke mantsoe ana a hae a ho qetela, “Ke tla le bona ’Musong oa Molimo.”

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]

FFranc Drozg: Photo Archive-Museum of National Liberation Maribor, Slovenia; letter: Original kept in Museum of National Liberation Maribor, Slovenia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela