“Itokise, Sena se ka ’na sa U Utloisa Bohloko”
NA HO na le mohla u kileng ua utloa mantsoe aa? Mohlomong a ile a buuoa ke ngaka kapa mooki pele a fana ka phekolo e hlokahalang.
Mohlomong ha ua ka ua hana phekolo eo hobane feela u tšaba ho utloa bohloko. Ho e-na le hoo, u ile ua mamella bohloko e le hore u ka rua molemo ka ho phela hantle nakong e tlang. Maemong a feteletseng, ho amohela kapa ho hana phekolo e utloisang bohloko e ka ba taba e amang bophelo le lefu.
Le hoja re sa hloke tlhokomelo ea ngaka kamehla, kaofela ha rōna joaloka batho ba sa phethahalang re hloka taeo, kapa khalemelo, le hoja ka linako tse ling e ka ba bohloko. (Jeremia 10:23) Ka lehlakoreng la bana, Bibele ha e totobatsa tlhoko ena e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana; thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hōle le eena.”—Liproverbia 22:15.
Tabeng ena, thupa e tšoantšetsa matla a ho laela a botsoali. Ke ’nete hore bana ba bangata ha ba rate taeo. Haeba e akarelletsa kotlo ea mofuta o itseng, ba ka ’na ba e hloea. Leha ho le joalo, batsoali ba bohlale le ba lerato ha ba tsepamise mohopolo oa bona holim’a maikutlo a bohloko a ngoana empa ba nahanela boiketlo ba hae. Batsoali ba Bakreste baa tseba hore Lentsoe la Molimo le bua ’nete ha le re: “Ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.”—Baheberu 12:11; Liproverbia 13:24.
Ke ’nete hore hase bana feela ba hlokang taeo. Le batho ba baholo baa e hloka. Bibele e bua le batho ba baholo ha e re: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.” (Liproverbia 4:13) E, batho ba bohlale—ba bacha le ba baholo—ba tla amohela taeo e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, hobane ho etsa joalo, qetellong, ho tla boloka bophelo ba bona.