Na U Bala Litšenyehelo?
J ESU KRESTE o ile a tšepisa barutuoa ba hae bophelo bo sa feleng, empa o ile a boela a ba phehella hore ba bale litšenyehelo tsa ho ba Mokreste. O ile a hlakisa ntlha ena ka ho botsa: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Jesu o ne a bolela litšenyehelo life?
Bakreste bohle ba thulana le liteko—tse ling li tebile. (Pesaleme ea 34:19; Matheu 10:36) Ka lebaka leo, ho hlokahala hore re itokise kelellong le moeeng e le hore re se ke ra makala ha khanyetso kapa mathata a mang a re tlela. Re lokela hore ebe re se re itokiselitse mathata a joalo e le litšenyehelo tsa ho ba morutuoa oa Kreste, re tseba hore moputso—oo e leng ho lopolloa sebeng le lefung—o bohlokoa haholo ho feta ntho efe kapa efe eo tsamaiso ea hona joale e ka re fang eona. E, ha ho letho leo Molimo a le lumellang—esita le lefu—le ka re ntšang kotsi ka ho sa feleng haeba re tsoela pele ho mo sebeletsa.—2 Bakorinthe 4:16-18; Bafilipi 3:8.
Tumelo ea rōna e ka ba matla ka tsela eo joang? Tumelo ea rōna ea matlafala lekhetlo ka leng ha re etsa qeto e nepahetseng, re nka bohato bo tiileng bo lumellanang le melao-motheo ea Bokreste, kapa re phela tumellanong le thato ea Molimo—haholo-holo ha re le tlas’a khatello ea ho etsa ho hong ho fapaneng. Ha re fumana tlhohonolofatso ea Jehova ka lebaka la tsela ea rōna ea botšepehi, tumelo ea rōna ea matlafala ’me ea teba. Ka tsela eo, re latela mohlala oa Jesu, barutuoa ba hae ba pele le banna le basali bohle ba tumelo bao ho theosa le mehla ka nepo ba ileng ba ‘bala litšenyehelo’ tsa ho sebeletsa Molimo.—Mareka 1:16-20; Baheberu 11:4, 7, 17, 24, 25, 32-38.