Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 6/15 leq. 31
  • Nako ea ho Senola Lekunutu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ea ho Senola Lekunutu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 6/15 leq. 31

Nako ea ho Senola Lekunutu

Ho boloka litaba tse itseng e le lekunutu ho ka bolela phapang pakeng tsa khotso le khohlano. Empa na ho na le nako ea ho senola lekunutu? Hlokomela hore na moprofeta Amose o re’ng ka Molimo oa hae: “Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” (Amose 3:7) Mantsoeng ana, re ka ithuta ho hong mabapi le ho boloka lekunutu. Jehova a ka boloka litaba tse itseng e le lekunutu ka nako e itseng ’me hamorao a li senolela batho ba itseng. Re ka etsisa Jehova joang ntlheng ee?

Ka linako tse ling, balisa ba khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste ba ee ba fumane ho le molemo ho boloka taba e itseng e le lekunutu. (Liketso 20:28) Ka mohlala, molemong oa phutheho, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ka nako e itseng ba boloke makolopetso a amang litokisetso tse itseng kapa liphetoho boikarabelong ba phutheho e le lekunutu.

Leha ho le joalo, boemong bo joalo, ke habohlokoa ho hlakisetsa ba amehang haeba taba e tla boleloa le hore na e tla boleloa neng hona e le ka tsela efe. Ho tseba hore na taba e tla phatlalatsoa neng ho ka ’na ha ba thusa ho boloka lekunutu.—Liproverbia 25:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela