Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 8/15 maq. 8-9
  • Ba Thabetse Hore Ebe ba Ithutile ho Bala!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Thabetse Hore Ebe ba Ithutile ho Bala!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 8/15 maq. 8-9

Ba Thabetse Hore Ebe ba Ithutile ho Bala!

LIKAROLONG tse ling tsa Lihlekehleke tsa Solomon, karolo ea 80 lekholong ea bao hona joale e leng Lipaki tsa Jehova e ne e talimane le bothata ba ho se tsebe ho bala. Sena se ba sitisitse ho fana ka litlhaloso libokeng tsa beke le beke tsa phutheho hape se ba thatafallelitse ho ruta ba bang linnete tsa ’Muso. Na ho ka khoneha hore batho ba baholo ba e-s’o ka ba tšoara pensele ba ithute ho bala?

Bukana e bitsoang Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, e ’nile ea sebelisoa lihlopheng tsa ho ithuta ho bala hoo e ka bang phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova hohle Lihlekehlekeng tsa Solomon. Phihlelo e latelang e bontša kamoo batho ba bangata haholo ba thusitsoeng ho ntlafatsa bokhoni ba bona ka lenaneo lena kateng. Habohlokoa haholo, ho ithuta ho bala le ho ngola ho ba thusitse hore ba pakele tumelo ea bona hamolemo.—1 Petrose 3:15.

Moromuoa e mong ea neng a abetsoe phuthehong e nang le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 100 o ile a hlokomela hore thutong ea beke le beke ea Bibele eo ho sebelisoang Molula-Qhooa ho eona, ke ba seng ba kae feela ba nang le limakasine le hore ke ba ka tlaase ho moo ba fanang ka litlhaloso. Lebaka e ne e le lefe? Ho se tsebe ho bala. Ha phutheho e etsa tsebiso ea hore ho tla thehoa sekolo sa ho ruta ho bala le ho ngola, ka thabo moromuoa enoa o ile a ithaopela ho ba mosuoe. Qalong, ho ile ha tla liithuti tse fokolang, empa ka mor’a nako feela batho ba 40 ba lilemo tsohle ba ile ba qala ho tla.

Liphello e bile life? Moromuoa enoa o re: “Nakoana ka mor’a hore sehlopha sa ho bala le ho ngola se qale, ke ile ka tsohella ’marakeng ka hora ea botšelela ho ea reka lijo tsa lehae la baromuoa. Ha ke le moo, ke ile ka bona liithuti tse ling, esita le tse nyenyane haholo, li rekisa likokonate le meroho. Hobane’ng? Hobane li ne li batla ho ba le chelete e lekaneng ea ho reka lipene le libuka tsa ho ngolla tseo ba tla li sebelisa sehlopheng sa ho ithuta ho bala le ho ngola! Hape, ho ba teng sehlopheng sena e ne e le khothatso ea ho ba le makasine ea Molula-Qhooa.” O eketsa ka ho re: “Hona joale, nakong ea Thuto ea phutheho ea Molula-Qhooa, ba banyenyane le ba baholo ba kopanela ka ho tšoanang, ’me lipuisano tsa rōna lia phela.” Moromuoa enoa o ile a thaba ka ho khethehileng ha litho tse ’nè tsa sehlopha sena li botsa hore na li ka kopanela mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa hobane ha li itlhalosa, li ne li se “li sa tšabe.”

Melemo e fumanoeng ke liithuti lihlopheng tsena e meholo ho feta ho tseba ho bala le ho ngola. Ka mohlala, ka lilemo tse ngata phutheho e ne e amehile ka mosali ea sa lumelang oa e mong oa Lipaki. Ha a qala a khopeha feela o ne a betsa batho ka majoe a bile a loantša basali ba bang ka molamu. Ha ho ne ho ka etsahala hore a ee libokeng tsa Bokreste le monna oa hae, o ne a mo boulela hoo monna a neng a ee a roale likhalase tse lefifi tsa mahlo e le hore a se ke a mo tsekisa hore o ntse a sheba basali ba bang.

Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore sehlopha sa ho bala le ho ngola se qale, mosali enoa o ile a botsa ka lentsoe le fatše, a re: “Na nka kena sehlopheng see?” O ile a arabeloa ka hore a ka kena ho sona. Ho tloha nakong eo o ba teng kamehla sehlopheng le libokeng tsa phutheho. O ile a ikitlaetsa lithutong tsa hae tsa ho bala ’me a tsoela pele ka mokhoa o tsotehang, e leng se ileng sa mo thabisa haholo. Kōpo ea hae e latelang e ile ea e-ba ho re: “Na nka ba le thuto ea Bibele?” Ka thabo monna oa hae o ile a qala ho ithuta le eena, ’me o ntse a tsoela pele tsebong ea hae ea ho bala, ea ho ngola le ea Bibele.

Hore motho ea lilemo li 50 eo ho seng mohla a kileng a tšoara pensele a tšoare pene ’me a ngole litlhaku tsa alfabeta e ka ba mosebetsi oa motonanahali. Ba bang ba tsoa matsoabali menoaneng ka lebaka la ho hatella pensele pampiring ha ba qala ho ithuta ho ngola. Ka mor’a ho loana le ho tšoara pensele le ho e laola, liithuti tse ling li re ka pososelo e khōlō: “Ke tsamaisa letsoho ka bolokolohi holim’a pampiri!” Ntho e ’ngoe e thabisang barupeli ke ho bona tsoelo-pele ea liithuti. Morupeli e mong o ile a re: “Ho ruta sehlopha ho thabisa haholo, ’me kananelo ea ’nete ea liithuti bakeng sa tokisetso ena e tsoang ho Jehova e atisa ho bontšoa ka ho opa liatla qetellong ea thupelo.”

Thabo e teng har’a baromuoa hammoho le Lipaki tsena tse seng li tseba ho bala le ho ngola. Hobane’ng? Hobane joale li ka sebelisa bokhoni ba tsona ba ho bala le ho ngola ho tlotlisa Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Ba banyenyane le ba baholo ba ananela lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela