“Na Lea Tseba Hore na ke Hobane’ng ha ke le Tholisa Chelete ea Lōna?”
NANA ke ’mè ea se nang molekane ea nang le bashemane ba bararo ea lulang Kaspi Rephabliking ea Georgia ea ileng a nahana: “Ke tsietsing ea chelete.” Ka letsatsi le leng takatso ea hae ea ho fumana chelete e ile ea phethahala. O ile a fumana li-lari tse 300 haufi le motebo oa sepolesa. Ho ne ho se na motho haufinyane. E ne e le chelete e ngata. Ha e le hantle, Nana o ne a e-s’o bone chelete ea pampiri ea li-lari tse 100 lilemong tse hlano esale lari e e-ba chelete ea sechaba. Bahoebi ba sebaka seo ba ne ba ke ke ba fumana chelete e kaalo ka mor’a ho sebetsa ka lilemo tse ngata.
Nana o ile a nahana: ‘Chelete ee e tla nketsetsa’ng haeba ke tla lahleheloa ke tumelo ea ka, tšabo ea ka ea bomolimo le bomoea ba ka?’ O ne a hlaoletse litšoaneleho tsena tsa Bokreste esita le ho mamella mahloriso a sehlōhō le ho otloa ka lebaka la tumelo ea hae.
Ha Nana a e-ea motebong oa sepolesa, o ile a bona liofisiri tse hlano li batla ka tieo. O ile a hlokomela hore li ne li batla chelete, o ile a ea ho tsona ’me a re: “Le lahlile’ng?”
Tsa araba: “Chelete.”
“Bokae?”
“Li-lari tse 300!”Nana a re: “Ke thotse chelete ea lōna.” Eaba oa botsa: “Na lea tseba hore na ke hobane’ng ha ke le tholisa chelete ea lōna?” Li ne li sa tsebe.
A tsoela pele a re: “Ke hobane ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha ke ne ke se e mong oa tsona, nka be ke sa le tholisa chelete ea lōna.”
Mookameli oa sepolesa ea neng a lahlile chelete o ile a fa Nana li-lari tse 20 e le ho bontša teboho bakeng sa botšepehi ba hae.
Taba ena e ile ea tlala ka potlako seterekeng sa Kaspi. Letsatsing le hlahlamang, mofumahali e mong ea hloekisang ea neng a tsoa ka motebong oa sepolesa o ile a re ho Nana: “[Mookameli] kamehla o boloka lingoliloeng tsa lōna ka ofising ea hae. Mohlomong hona joale o tla li nka e le tsa bohlokoa le ho feta.” Ofisiri e ’ngoe ea mapolesa e bile ea re: “Hoja batho bohle e ne e le Lipaki tsa Jehova, ke mang ea neng a tla tlōla molao?”