Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/1 leq. 32
  • Na U Lokela ho Nka Lintho Habobebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho Nka Lintho Habobebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/1 leq. 32

Na U Lokela ho Nka Lintho Habobebe?

BATHO ba bangata ba ka nahana hore mohlomong ho hotle ho nkoa e le batho ba nkang lintho habobebe, bo-ngoan’a-se-tsoha le pelo ea maobane, ba sa rateng likhang le ba qenehelang. Leha ho le joalo, ho nka lintho habobebe ha ho tšoane. Bibele e re: “Ho nka lintho habobebe ha ba hlokang kelello ke hona ho tla ba timetsa.” (Liproverbia 1:32) See se bolela’ng?

Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela lentsoe la mathomo la Seheberu ka lipolelo tse kang “ho se tsotelle” (Bibele—Phetolelo e Ncha), “ho ba ea ikhotsofalletseng” (The New American Bible) le “ho se tšoenyehe.” (The New English Bible) Ka moelelo ona, ho nka lintho habobebe ho amana le botsoa le ho se tsotelle ’me kahoo ke bothoto kapa booatla.

Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba phutheho ea Laodicea ba ne ba sa natse kapa ba sa tšoenyehe ka bofokoli ba bona ba moea. Ba ne ba sa tsotelle ’me ba ikhantša ka hore “ho hang ha [ba] hloke letho.” Jesu Kreste o ile a ba khalemela, a re ba tsosolose cheseho ea bona ea Bokreste.—Tšenolo 3:14-19.

Batho ba mehleng ea Noe le bona ba ile ba nka lintho habobebe. Ba ne ba phathahane ka lintho tse tloaelehileng, “ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa . . . , ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” Eaba Jesu o phaella ka ho re: “Ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37-39.

Boprofeta bo phethahalang ba Bibele bo bontša hore re phela nakong ea “ho ba teng ha Mor’a motho,” Jesu Kreste. E se eka re ke ke ra fetoha ba sa tšoenyeheng, ba sa tsotelleng le ba ikhotsofalletseng—ba nkang lintho habobebe.—Luka 21:29-36.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela