“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”
Pele le ka Morao—Lentsoe la Molimo Lea Sebetsa
HAEBA u ne u ile ua bona Tony ha a le pakeng tsa lilemo tse 13 le tse 16, u ka be u ile ua bona moshemane ea bohale le ea mabifi ea tsamaeang libakeng tse botumo bo bobe tsa Sydney, Australia. Metsoalle ea hae e ne e le litho tsa kenke. Hangata ba ne ba thuha matlo, ba loana lintoa tsa likenke le ho thunyana literateng.
Tony o qalile ho tsuba a le lilemo li robong. Ha a le lilemo li 14 o ne a tsuba matekoane kamehla ’me a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ha a le lilemo li 16, o ne a lemaletse heroine, ’me sena se ile sa etsa hore a sebelise k’hok’heine le LSD. Tony o re: “Ha e le hantle, ke ne ke sebelisa eng kapa eng e neng e etsa hore ke be plakeng.” Ka mor’a moo o ile a qala litšebelisano ka lithethefatsi le mekhatlo e ’meli e tsebisahalang ea likebekoa. Kapele feela Tony o ile a tsebahala e le e mong oa barekisi ba lithethefatsi ea tšepahalang ka ho fetisisa lebōpong le ka bochabela ho Australia.
Ho lemalla ha Tony heroine le matekoane ho ne ho mo sotla ka hore a lefe chelete e pakeng tsa $160 le $320 ka letsatsi. Empa lelapa la hae lona le ne le sotleha ka litsela tse ling tse ngata. O re: “’Na le mosali oa ka re ne re suptjoa ka lithunya le lithipa hangata ke linokoane tse neng li batla lithethefatsi le chelete eo re neng re e-na le eona lapeng.” Ka mor’a hore Tony a be teronkong ka makhetlo a mararo, o ile a ikutloa a tlamehile ho nahana hore na qetello ea tsela eo a phelang ka eona e tla ba efe.
Le hoja Tony a ne a kena kereke, o ne a ikutloa a sa atamela ho Molimo eo ho thoeng o otla baetsalibe ka ho ba chesa ka ho sa feleng liheleng. Leha ho le joalo, ha Tony a eteloa ke Lipaki Tsa Jehova tse peli, o ile a makala ha a ithuta hore Molimo ha a chese batho. Tony o ile a thabela hore ka sebele a ka fetola bophelo ba hae ’me a fumana tlhohonolofatso ea Molimo. Tony o ile a susumetsoa ke polelo ea Jesu Kreste e reng: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mareka 10:27) Tony o ile a angoa maikutlo haholo ke mantsoe ana a khothatsang: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Tony joale o ne a tobane le phephetso ea ho etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le melao ea Bibele. O re: “Ntho ea pele eo ke ileng ka e tlohela ke ho tsuba, e leng ntho eo ke neng ke sitiloe ho e etsa, le hoja ke ne ke lekile ka makhetlo a mangata. Ka thuso ea matla a Jehova, ke ile ka khona ho tlohela heroine le matekoane, lithethefatsi tseo ke neng ke li lemaletse ka lilemo tse 15. Ke ne ke sa lumele hore nka khona ho khaotsa mekhoa ena.”
Ho e-na le ho tšaba Molimo ea hlokofatsang batho ka ho sa feleng liheleng—e leng thuto e sa fumanoeng ka Bibeleng—Tony le mosali oa hae ba ile ba amohela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:21) Tony o re: “Ho ile ha nkuka nako hape ha ntlhoka hore ke sebetse ka thata hore ke phele ho ea ka melao ea Molimo. Empa ka thuso ea Jehova ke atlehile.”
E, motho enoa ea neng a lemaletse lithethefatsi e ile ea e-ba Mokreste. Tony le mosali oa hae ba tetse nako ea bona le matlotlo a bona ’me ba sebelitse lihora tse ngata haholo mosebetsing oa ho ruta Bibele. Hape ba hōlisa bana ba babeli ba tšabang Molimo. Phetoho ena e khōlō ba e finyeletse ka matla a sa hlōloeng a Lentsoe la Molimo, Bibele. Ka sebele, joalokaha moapostola Pauluse a bolela, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheberu 4:12.
Ho sa tsotellehe mehlala ena e khothatsang, ba bang ntle ho mabaka ba pheha khang ea hore mosebetsi oa ho ruta oa Lipaki Tsa Jehova o thehiloeng Bibeleng o qhala malapa le ho senya mekhoa e metle ea bacha. Se etsahetseng ka Tony ka sebele se hanyetsa maikutlo ao.
Joaloka Tony, ba bangata ba ithutile hore batho ba ka tsoela lintho tse lemalloang tse leng kotsi. Joang? Ka ho lumela ho Molimo le ka ho itšetleha ka eena le Lentsoe la hae, esita le ka thuso ea metsoalle e tsotellang le e lerato ea Bakreste. Ka thabo Tony o qetella ka ho re: “Ke bone kamoo melao-motheo ea Bibele e sirelelitseng bana ba ka kateng. Lithuto tsa Bibele li bolokile lenyalo la ka. Le baahelani ba ka ba ka ithoballa ka khotso kaha ha ke sa ba sokela.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
‘Ka thuso ea matla a Jehova, ke ile ka khona ho tlohela lithethefatsi tseo ke neng ke li lemaletse ka lilemo tse 15’
[Lebokose le leqepheng la 9]
Melao-motheo ea Bibele ea Sebetsa
Melao-motheo e sa tšoaneng ea Bibele e thusitse ba bangata ba neng ba lemaletse lithethefatsi hore ba tlohele mokhoa ona o fokolisang. E meng ea eona ke e latelang:
“A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Ho sebelisa lithethefatsi ho khahlanong le molao oa Molimo.
“Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale, ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.” (Liproverbia 9:10) Ho hlompha Jehova ho thehiloeng tsebong e nepahetseng ka eena le litsela tsa hae ho thusitse ba bangata ho tlohela tšusumetso ea lithethefatsi.
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Mekhoa e senyang e ka tloheloa ka ho tšepa Molimo ka pelo eohle le ka ho itšetleha ka eena ka ho feletseng.