Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 1/15 leq. 32
  • Ho Hopoloa Lipaki Tsa Jehova Tse Bolailoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hopoloa Lipaki Tsa Jehova Tse Bolailoeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 1/15 leq. 32

Ho Hopoloa Lipaki Tsa Jehova Tse Bolailoeng

KA LA 7 March, 2002, ho ile ha buloa lejoe la sehopotso toropong ea Körmend, Hungary e ka bophirimela. E ne e le khopotso ea lefu la Lipaki Tsa Jehova tse tharo tse ileng tsa bolaoa ke Manazi ka 1945.

Lejoe lena le ne le haheletsoe leboteng la ntlo-khōlō ea kajeno ea lefapha la mollo Hunyadi Road, moo li ileng tsa bolaeloa teng. Lejoe lena le ile la neheloa e le sehopotso sa ‘Bakreste ba ileng ba bolaeloa ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo ka March 1945. Antal Hőnisch (1911-1945), Bertalan Szabó (1921-1945), János Zsondor (1923-1945), 2002, Lipaki Tsa Jehova.’

Ba ile ba bolaoa likhoeli tse peli feela pele ho fela Ntoa ea II ea Lefatše. Ke hobane’ng ha Bakreste baa ba ile ba bolaoa? Koranta ea Hungary ea Vas Népe ea hlalosa: “Ha Hitler a qeta ho nka puso Jeremane, hase Bajuda feela empa le Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang li ile tsa kenngoa lenaneng la ba hlorisoang le ba hlokofatsoang, ba isoang likampong tsa mahloriso le ba bolaoang haeba ba sa latole tumelo ea bona. . . . Ka March 1945, batho ba ne ba tšosoa ka ho feletseng karolong e ka bophirimela ea Hungary. . . . E ’ngoe ea lintho tseo ba neng ba tšosoa ka tsona e ne e le ho lelekoa le ho bolaoa ha Lipaki Tsa Jehova.”

Lenaneo la ho buloa ha lejoe lena le ne le arotsoe likarolo tse peli. Karolo ea pele e ile ea tšoareloa holong ea Batthyány Castle, moo libui li neng li akarelletsa Moprofesa Szabolcs Szita, mookameli oa Holocaust Documentation Center e Budapest; László Donáth, setho sa Komiti ea Paramente ea Litokelo Tsa Botho, Litaba tsa Mekhatlo e Menyenyane le Bolumeli; le Kálmán Komjáthy, ea boneng lipolao tsena ’me eo hona joale e leng rahistori oa motse. Batho ba fetang 500 ba neng ba le teng ba ile ba tsamaea har’a toropo ho ea karolong ea bobeli ea lenaneo—ea ho koaholloa ha lejoe ke Ramotse József Honfi oa Körmend.

Lengolong la hae la tumeliso, Ján Žondor (János Zsondor) o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba se ke ba siama. O ile a ngola a re: “Ke sa ntsane ke hopola mantsoe a Johanne ho Tšenolo 2:10, ha a re: ‘U tšepahale esita le ho isa lefung.’ . . . Le bolelle ba hae hore ba se ke ba siama, hobane ke tlil’o shoela ’nete eseng bonokoane.”

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Bertalan Szabó

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Antal Hőnisch

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Ján Žondor

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela