Botšepehi—Na ho Hlokahala Bona Feela Hore re Khahlise Molimo?
NA HO hlile hoa hlokahala hore re tšepahale letsatsi le leng le le leng? Ho hlalosoa hore “botšepehi” ke “ho hloka boikaketsi kapa boiketsiso; ke ho tšepahala; ho etsa lintho ka kotloloho; ho ba le ’nete.” Ho hlakile hore botšepehi bo molemo bakeng sa ho matlafatsa likamano tse ntle le ba bang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa, a re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama, eseng ka liketso tsa tšebeletso ea ha le shebiloe, joaloka ba khahlisang batho, empa ka botšepehi ba pelo, ka ho tšaba Jehova.” (Bakolose 3:22) Ke mang ea neng a ke ke a rata ho sebeletsoa ke motho ea tšepahalang joalo? Kajeno, batho ba tšepahalang ba ka ’na ba ba le monyetla o moholoanyane oa ho fumana mesebetsi le ho lula ho eona.
Leha ho le joalo, ntho e etsang hore botšepehi e be ntho e ratehang ka ho fetisisa ke tsela eo bo amang kamano ea rōna le Molimo ka eona. Molimo o ne a hlohonolofatsa Baiseraele ba boholo-holo ha ba ne ba boloka melao ea hae le mekete ea hae ka hloko. Ha Pauluse a ne a bua ka bohloeki ba phutheho, o ile a phehella Bakreste a re: “A re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ea khale, kapa ka tomoso ea bobe le bokhopo, empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.” (1 Bakorinthe 5:8) Botšepehi boa rateha ebile boa hlokahala e le hore borapeli ba rōna bo amohelehe ho Molimo. Leha ho le joalo, hlokomela hore botšepehi ha bo le bong ha boa lekana. Bo lokela ho tsamaea le ’nete.
E ka ’na eaba baetsi ba sekepe sa Titanic le bapalami ba sona ba ne ba lumela ka botšepehi hore sekepe seo se seholo se ke ke sa teba. Leha ho le joalo, leetong la sona la pele ka 1912, se ile sa thula thaba ea leqhoa ’me batho ba 1 517 ba ile ba shoa. Ho ka etsahala hore ebe Bajuda ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lumela ka botšepehi tseleng ea bona ea ho rapela Molimo, empa ba ne ba sa chesehe “ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) Seo re se lumelang ka botšepehi se lokela ho thehoa boitsebisong bo nepahetseng e le hore re amohelehe ho Molimo. Lipaki Tsa Jehova tsa haeno li tla thabela ho u thusa ho hlahloba hore na ho ameha eng tabeng ea ho sebeletsa Molimo ka botšepehi le ka ’nete.