Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 6/15 maq. 17-22
  • Batla se Molemo ho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batla se Molemo ho Bohle
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha re Bolela le ha re Etsa Barutuoa
  • Ka Lapeng
  • Ka Phuthehong ea Bokreste
  • Ho Batla se Molemo ho Bohle
  • Molemo​—U ka Etsa’ng Hore U be Motho ea Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Bontša “Molemo oa Mefuta Eohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Molemo o Khaphatsehang oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Le ’ne le Bontše Molemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 6/15 maq. 17-22

Batla se Molemo ho Bohle

“Molimo oa ka, u nkhopole bakeng sa se molemo.”—NEHEMIA 13:31.

1. Jehova o bontša molemo ho bohle joang?

KA MOR’A hore maru a koahele ka matsatsi-tsatsi ’me leholimo le sa thaba, hoa thabisa ha letsatsi le chaba. Batho ba tsoha molota, ’me baa thaba. Ka ho tšoanang, ka mor’a letsatsi le tlabolang ka nako e telele le komello, mafafatsane a pula—esita le pula ea litloebelele—a tlisa khatholoho le phomolo. ’Mōpi oa rōna ea lerato, Jehova, o entse hore moea o potolohileng lefatše o khone ho hlahisa mpho ena e babatsehang ea ho feto-fetoha ha boemo ba leholimo. Jesu o ile a totobatsa ho fana ha Molimo ha a ne a ruta a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong, kaha o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:43-45) E, Jehova o bontša molemo ho bohle. Bahlanka ba hae ba lokela ho mo etsisa ka hore ba batle se molemo ho ba bang.

2. (a) Jehova o bontša molemo ka lebaka lefe? (b) Jehova o shebile hore re etse eng ka molemo oa hae?

2 Jehova o bontša molemo ka lebaka lefe? Ho tloha ha Adama a etsa sebe, ha ho mohla Jehova a kileng a hlōleha ho batla se molemo ho batho. (Pesaleme ea 130:3, 4) Morero oa hae ke hore batho ba mamelang ba boele ba phele Paradeiseng. (Baefese 1:9, 10) Mosa oa hae o sa tšoanelang o re file tšepo ea ho lopolloa sebeng le ho se phethahaleng, ka Peō e tšepisitsoeng. (Genese 3:15; Baroma 5:12, 15) Ho amohela tokisetso ea thekollo ho etsa hore ho be bonolo hore qetellong batho ba boele ba phethahale. Hona joale Jehova o shebile e mong le e mong oa rōna, lebaka le leng la sena ke ho bona hore na re etsa’ng ka mosa oa hae. (1 Johanne 3:16) O lemoha eng kapa eng eo re e etsang ho bontša kananelo ea rōna bakeng sa molemo oa hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.

3. Ke potso efe eo re lokelang ho nahana ka eona?

3 Joale, re ka etsisa Jehova joang ’me ra batla se molemo ho ba bang? A re nahaneng ka likarabo tsa potso ena likarolong tse ’nè tsa bophelo: (1) tšebeletsong ea Bokreste, (2) ka lapeng, (3) ka phuthehong le (4) litšebelisanong tsa rōna le ba bang.

Ha re Bolela le ha re Etsa Barutuoa

4. Ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ho bontša joang hore re batla se molemo ho ba bang?

4 Ha barutuoa ba Jesu ba mo botsa hore na papiso ea koro le mofoka e bolela eng, o ile a hlalosa, a re: “Tšimo ke lefatše.” Re le barutuoa ba Kreste ba kajeno, re lemoha ’nete ena ha re kopanetse tšebeletsong ea rōna. (Matheu 13:36-38; 28:19, 20) Tšebeletso ea rōna ea tšimo e akarelletsa ho bolela tumelo ea rōna phatlalatsa. Hore ebe hona joale Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka tšebeletso ea tsona ea ntlo le ntlo le ea seterateng ho paka hore re mafolofolo ho batleng bohle ba tšoaneloang ke molaetsa oa ’Muso. Ka sebele, Jesu o ile a fana ka taelo e reng: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.”—Matheu 10:11; Liketso 17:17; 20:20.

5, 6. Ke hobane’ng ha re phehella ho etela batho khafetsa malapeng a bona?

5 Ha re etela batho ba sa re lebella, re sheba hore na ba ikutloa joang ka molaetsa oa rōna. Ka linako tse ling re fumana hore setho se seng sa lelapa sea re mamela, ha se seng se hoeletsa se le ka tlung, se re, “Ha re thahaselle,” ebe ka mor’a moo ha re sa amoheloa. Re soaba hakaakang hore ebe ho hanyetsa kapa ho hloka thahasello ha motho a le mong ho ka ama e mong! Joale re ka etsa’ng hore re phehelle ho batla se molemo ho bohle?

6 Ho etela lelapa leo hape nakong ea ha re bolela sebakeng seo, ho ka ’na ha re fa monyetla oa ho bua ka ho toba le motho ea ileng a khaotsa moqoqo ketelong e fetileng. Ho hopola se ileng sa etsahala nakong e fetileng ho ka re thusa hore re itokise. E ka ’na eaba ea hanyetsang o ne a etsa joalo ka sepheo se setle, a lumela hore o lokela ho thibela ea thahasellang hore a se ke a mamela molaetsa oa ’Muso. Mohlomong o bile le maikutlo ao ka lebaka la hore o fuoe boitsebiso bo fosahetseng ka morero oa rōna. Empa sena ha se re thibele ho phehella ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lelapeng leo, re leka ka masene ho lokisa ho se utloane. Re thahasella ho thusa bohle ho fumana tsebo e nepahetseng ea Molimo. Mohlomong ka mor’a moo Jehova o tla hulela motho eo ho eena.—Johanne 6:44; 1 Timothea 2:4.

7. Ke eng e ka re thusang hore re be le boikutlo bo nepahetseng ha re buisana le batho?

7 Litaelo tseo Jesu a ileng a li fa barutuoa ba hae li ne li boetse li bua ka khanyetso ka lapeng. Na ha aa ka a re: “Ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale”? Jesu o ile a eketsa, a re: “Lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Matheu 10:35, 36) Leha ho le joalo, maemo a batho le boikutlo ba bona lia fetoha. Ho kula ka tšohanyetso, ho shoeloa ke mong ka motho, likoluoa, lintho tse sithabetsang maikutlo, le lintho tse ling tse ngata li susumetsa tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka boboleli ba rōna. Haeba re e-na le pono e fosahetseng—ea hore ha ho mohla batho bao re ba bolellang ba tlang ho mamela—na re hlile re batla se molemo ho bona? Ke hobane’ng ha ka thabo re sa etele malapa ao hape ka lekhetlo le leng? Re ka ’na ra fumana hore ba ikutloa ka tsela e fapaneng le ea pele. Ka linako tse ling hase feela seo re se buang empa le tsela eo re se buang ka eona e ka etsa hore batho ba fetole maikutlo. Ka sebele ho rapela Jehova ka tieo pele re qala ho bolela ho tla re thusa hore re be le boikutlo bo nepahetseng le hore re bolele molaetsa oa ’Muso ka tsela e ipiletsang ho bohle.—Bakolose 4:6; 1 Bathesalonika 5:17.

8. Ho ka etsahala’ng ha Bakreste ba batla se molemo ho beng ka bona ba sa lumelang?

8 Liphuthehong tse ling litho tse ngata tsa lelapa le le leng li sebeletsa Jehova. Hangata se ileng sa etsa hore ba banyenyane ba khahloe ’me ba be le kananelo, e bile ho phehella ha motho e moholo eo ba amanang le eena eo tšebelisano ea hae e ntle le litho tse ling tsa lelapa le molekane oa hae, e ileng ea etsa hore ba banyenyane ba fetole maikutlo. Ho mamela keletso ea moapostola Petrose ho thusitse basali ba bangata ba Bakreste hore ba hape banna ba bona “ka ntle ho lentsoe.”—1 Petrose 3:1, 2.

Ka Lapeng

9, 10. Jakobo le Josefa ba ile ba batla se molemo ho litho tsa lelapa joang?

9 Bonngoe bo kopanyang litho tsa lelapa hammoho bo re fa monyetla o mong oa ho batla se molemo ho ba bang. Nahana ka thuto e fumanoang litšebelisanong tsa Jakobo le bara ba hae. Ho Genese khaolo ea 37, temana ea 3 le 4, Bibele e bontša hore Jakobo o ne a rata Josefa ka ho khethehileng. Banab’abo Josefa ba ile ba mo shoela mōna, ho isa bohōleng ba ho etsa ’momori oa ho bolaea moen’a bona. Leha ho le joalo, hlokomela hore na Jakobo le Josefa ba ile ba ikutloa joang hamorao bophelong ba bona. Ka bobeli ba ile ba batla se molemo ho litho tsa lelapa.

10 Ha Josefa e le mohlokomeli ea ka sehloohong oa lijo naheng ea Egepeta e neng e aparetsoe ke tlala ea boja-likata, o ile a amohela baholoane ba hae. Le hoja a sa ka a itsebahatsa kapele-pele, o ile a etsa litokisetso tse itseng ho tiisa hore baa hlokomeloa le hore ba isa lijo tse ling ho ntat’a bona ea neng a se a tsofetse. E, ho sa tsotellehe hore ba ne ba mo hloile, hamorao Josefa o ile a ba etsetsa se molemo. (Genese 41:53–42:8; 45:23) Ka ho tšoanang, ha Jakobo a le liphateng tsa lefu o ile a hlohonolofatsa bara bohle ba hae ka tsela ea boprofeta. Le hoja liketso tsa bona tse mpe li ile tsa fella ka hore ba fokoletsoe litokelo tse itseng, ha ho ea sa kang a fuoa naha e le lefa. (Genese 49:3-28) Jakobo o ile a etsa ketso e babatsehang hakaakang e bontšang lerato le sa feleng!

11, 12. (a) Ke mohlala ofe oa boprofeta o hatisang bohlokoa ba ho batla se molemo ho litho tsa lelapa? (b) Re ithuta eng mohlaleng oa ntate ea boletsoeng papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa?

11 Tiisetso ea Jehova ha a sebelisana le sechaba sa Iseraele se se nang tumelo e re beha leseling ka ho eketsehileng hore o batla se molemo ho batho ba hae. A sebelisa boemo ba lelapa la moprofeta Hosea, Jehova o ile a bontša lerato la hae le sa feleng. Gomere, mosali oa Hosea, o ile a etsa bohlola ka makhetlo-khetlo. Ho sa tsotellehe seo, Jehova o ile a laela Hosea, a re: “E-ea hape, u rate mosali ea ratoang ke motsoalle le ea febang, joaloka tabeng ea lerato la Jehova bakeng sa bara ba Iseraele ha ka nako e tšoanang ba ntse ba retelehela ho melimo e meng ’me ba rata bohobe ba morara o omisitsoeng.” (Hosea 3:1) Ke hobane’ng ha a ile a fana ka litaelo tseo? Jehova o ne a tseba hore sechabeng se neng se khelohile litsela tsa hae, ho ne ho e-na le batho ba neng ba tla amohela tiisetso ea hae hantle. Hosea o ile a re: “Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tla khutla ’me ka sebele ba batle Jehova Molimo oa bona, le morena oa bona Davida; ’me ka sebele ba tla tla ba thothomela ho Jehova le ho molemo oa hae karolong e qetellang ea matsatsi.” (Hosea 3:5) Ka sebele ona ke mohlala o motle oo re ka nahanang ka oona ha re e-na le mathata a lelapa. Ho tsoela pele u batla se molemo ho litho tse ling tsa lelapa bonyane ho tla beha mohlala o motle oa tiisetso.

12 Papiso ea Jesu ea mora ea lehlasoa e etsa hore re lemohe haholoanyane kamoo re ka batlang se molemo ho litho tsa malapa a rōna. Mora e monyenyane o ile a khutlela lapeng ka mor’a ho tlohela bophelo ba hae bo bohlasoa. Ntat’ae o ile a mo bontša mohau. O ile a re’ng ha mora e moholo eo ho seng mohla a kileng a tloha lapeng a ipelaetsa? Ha a bua le mora oa hae e moholo, o ile a re: “Ngoana, u ’nile ua ba le ’na kamehla, ’me lintho tsohle tsa ka ke tsa hao.” Ntat’ae o ne a sa mo khobole, o ne a mpa a mo tiisetsa hore oa mo rata. O ile a tsoela pele a re: “Re ne re tlameha ho ithabisa le ho thaba, hobane mor’eno o ne a shoele eaba oa phela, o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.” Ka ho tšoanang le rōna re ka lula re batla se molemo ho ba bang.—Luka 15:11-32.

Ka Phuthehong ea Bokreste

13, 14. Tsela e ’ngoe ea ho sebelisa molao oa borena oa lerato ka phuthehong ea Bokreste ke efe?

13 Re le Bakreste, sepheo sa rōna ke ho sebelisa molao oa borena oa lerato. (Jakobo 2:1-9) Ke ’nete hore re ka ’na ra amohela litho tsa phutheho ea rōna tseo maemo a tsona a lichelete a fapaneng le a rōna. Empa na re sa ntsane re “khethollana” ka merabe, setso kapa bolumeli? Haeba ho joalo, ke joang re ka mamelang keletso ea Jakobo?

14 Ho amohela ka liatla tse peli bohle ba tlang libokeng tsa phutheho ho fana ka bopaki ba hore re rata batho. Ha e le rōna ba atamelang batho ba qalang ho tla Holong ea ’Muso ’me re buisana le bona, ho tšoha ha bona le ho se phutholohe ho bang teng qalong ho ka nyamela. Ka sebele, ba bang bao e neng e le lekhetlo la pele ba tla sebokeng sa Bokreste ba ile ba re: “E mong le e mong o ne a le botsoalle haholo. E ne eka e mong le e mong o ne a se a ntse a ntseba. Ke ne ke phutholohile.”

15. Ka phuthehong bacha ba ka thusoa joang hore ba be le thahasello ho batho ba baholo?

15 Liphuthehong tse ling, ha seboka se tsoa, bacha ba ’maloa ba iketsa sehlopha ka hare ho Holo ea ’Muso kapa ka ntle ho eona, ba sa batle ho kopana le batho ba baholo. Ke eng se molemo se ka etsoang ho qoba mokhoa oo? Ho hlakile hore mohato oa pele ke hore batsoali ba koetlise bana malapeng, ba ba etse hore ba lokele liboka. (Liproverbia 22:6) Ba ka fuoa mosebetsi oa ho bokella lingoliloeng tse sa tšoaneng e le hore bohle ba be le se hlokahalang seo ba lokelang ho ea libokeng ka sona. Hape, batsoali ke bona ba nang le monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho khothalletsa bana ba bona ho qoqa hakhutšoanyane le ba hōlileng le ba kulang ba leng Holong ea ’Muso. Haeba bana ba e-na le se molemo seo ba ka buisanang ka sona le ba joalo, sena se ka etsa hore bana ba ikutloe ba thabile.

16, 17. Ke joang batho ba baholo ba ka batlang se molemo ho bacha ka phuthehong?

16 Bara le barali babo rōna ba hōlileng ba lokela ho thahasella bacha ka phuthehong. (Bafilipi 2:4) E ka ba bona ba qalang ho buisa bacha ka tsela e khothatsang. Hangata ho tšohloa lintlha tse ikhethang sebokeng. Bacha ba ka botsoa hore na ebe ba thabetse liboka le hore na ebe ho na le lintlha tseo ba li ratileng ka ho khetheha le tseo ba tla li sebelisa. Kaha bacha ke karolo ea bohlokoa ea phutheho, ba lokela ho babatsoa ha ba ile ba hloaea tsebe le ha ba ile ba araba sebokeng kapa ba bile le seabo lenaneong. Tsela eo bacha ba sebelisanang ka eona le batho ba baholo ka phuthehong le tsela eo ba phethang mesebetsi e bobebe ka malapeng, e tla bontša hore ho ka etsahala hore ba phethe boikarabelo bo eketsehileng ka bokhabane ha ba hōla.—Luka 16:10.

17 Ka ho jara boikarabelo, bacha ba bang ba tsoela pele hoo litšoaneleho tsa bona tsa moea li ba lumellang ho fuoa likabelo tsa bohlokoa haholoanyane. Ha ba e-na le seo ba se etsang, sena se ka boetse sa ba thibela ho etsa lintho tse tsoileng tseleng. (2 Timothea 2:22) Likabelo tse joalo li ka boela tsa ‘leka [barab’abo rōna ba hahamallang ho sebeletsa e le bahlanka ba sebeletsang] mabapi le ho tšoaneleha.’ (1 Timothea 3:10) Ha ba kopanela ka pelo eohle libokeng le ha ba cheseha tšebeletsong, esita le ha ba thahasella bohle ka phuthehong, sena se thusa baholo ho lemoha bokhoni ba bona ha ba nahanela ho ba fa likabelo tse eketsehileng.

Ho Batla se Molemo ho Bohle

18. Ke leraba lefe le lokelang ho qojoa ha ho ahloloa, hona hobane’ng?

18 Liproverbia 24:23 e re: “Ho bontša leeme kahlolong hase ntho e ntle.” Bohlale bo tsoang leholimong bo hloka hore baholo ba qobe leeme ha ba ahlola litaba ka phuthehong. Jakobo o ile a re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.” (Jakobo 3:17) Ho hlakile hore ha baholo ba batla se molemo ho ba bang, ho hlokahala hore ba tiise hore kahlolo ea bona e se ke ea sothoa ke kamano ea bona le batho bao kapa ea sothoa ke maikutlo. Mopesaleme Asafe o ile a ngola, a re: “Molimo o eme phuthehong ea Ea Nang le Bomolimo; o ahlola har’a melimo [“kapa ba kang Molimo,” e leng baahloli ba batho]: “Le tla ’ne le ahlole ka ho hloka toka halelele hakae le ho bontša leeme ho ba khopo?’” (Pesaleme ea 82:1, 2) Ka lebaka leo, baholo ba Bakreste ba qoba ho fana ka maikutlo a hore ba leeme ha ba sebetsa taba e amang motsoalle kapa mong ka bona. Ka tsela ena ba boloka bonngoe ba phutheho ’me ba lumella moea oa Jehova hore o sebetse ka bolokolohi.—1 Bathesalonika 5:23.

19. Ke ka litsela life re ka batlang se molemo ho ba bang?

19 Ha re batla se molemo ho bara le barali babo rōna, re bontša boikutlo ba Pauluse ha a ne a ngolla phutheho ea Thesalonika. O ile a re: “Ho feta moo, re na le kholiseho ho Morena mabapi le lōna, hore lea etsa ’me le tla tsoela pele le etsa lintho tseo re li laelang.” (2 Bathesalonika 3:4) Ho tla ba bonolo ho hlokomoloha liphoso tsa ba bang haeba re batla se molemo ho bona. Re tla batla lintho tseo re ka babatsang barab’abo rōna ka tsona, ’me ka sebele re qobe moea oa ho tšoaea ba bang liphoso. Pauluse o ile a ngola, a re: “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.” (1 Bakorinthe 4:2) Botšepehi, eseng feela ba ba fuoeng botsamaisi ba phutheho empa le botšepehi ba bara le barali bohle babo rōna ba Bakreste, bo etsa hore ebe ba ratehang ho rōna. Ka tsela ena re huleloa haufi le bona, re matlafatsa maqhama a botsoalle ba Bokreste. Re ba le pono e kang ea Pauluse ka bara babo ba mehleng ea hae. Ke ‘basebetsi-’moho bakeng sa ’muso oa Molimo’ hape ke “thuso e matlafatsang” ho rōna. (Bakolose 4:11) Ka ho etsa sena re bontša boikutlo ba Jehova.

20. Ba batlang se molemo ho bohle ba tla fumana litlhohonolofatso life?

20 Ka sebele re lumellana le thapelo ea Nehemia, ha a ne a re: “Molimo oa ka, u nkhopole bakeng sa se molemo.” (Nehemia 13:31) Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o batla se molemo ho batho! (1 Marena 14:13) E se eka le rōna re ka etsa se tšoanang ha re sebelisana le ba bang. Ho etsa joalo ho re fa tšepo ea topollo le ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha leo hona joale le seng le le haufi haholo.—Pesaleme ea 130:3-8.

U Tla Araba Joang?

• Jehova o bontša molemo ho bohle ka lebaka lefe?

• Ke joang re ka batlang se molemo ho ba bang

• tšebeletsong ea rōna?

• ka lapeng?

• ka phuthehong?

• litšebelisanong tsohle tsa rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho sa tsotellehe hore baholoane ba hae ba kile ba mo hloea, Josefa o ile a batla se molemo ho bona

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Khanyetso ha e re thibele ho leka ho thusa bohle

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ho sa tsotellehe seo ba neng ba se entse nakong e fetileng, ha ho le ea mong ho bara ba Jakobo ea sa kang a hlohonolofatsoa

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Amohela bohle ka liatla tse peli libokeng tsa Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela