Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/1 leq. 31
  • Video e Etselitsoeng ho Ama Lipelo Tsa Bacha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Video e Etselitsoeng ho Ama Lipelo Tsa Bacha
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/1 leq. 31

Video e Etselitsoeng ho Ama Lipelo Tsa Bacha

BACHA ba bangata ba ile ba khothalletsoa ho nahana ka botebo ka boitšoaro ba bona ha ba ne ba shebella video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends?a Video ena e fana ka keletso e molemo ea mangolo, e bontša se boletsoeng ke bacha ba Bakreste, hape e bontša tšoantšiso e susumetsang ea mehleng ea kajeno e thehiloeng tlalehong ea Bibele ea Dina. (Genese, khaolo ea 34) Tlaase mona ke se ileng sa buuoa ka video ena Mexico.

Martha o re: “Video ena e ile ea ama pelo ea ka ka botebo. Ho bonahala eka e etselitsoe ’na ka ho khetheha. Ke ne ke nahana hore ho lekane ha matichere a ka le bana bao ke kenang sekolo le bona ba tseba hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka hlōleha ho ba bontša sena ka hore ke ba pakele. Ke leboha boitsebiso bohle boo Jehova a fanang ka bona, haholo-holo ha bo re ama ka botebo joaloka video ena.”

Juan Carlos o re: “Video ena e hlile e etsa hore motho a nahane. Joaloka mohlankana, ke entse liphoso tse itseng ’me ke utloisisa hantle se boleloang ke batho ba bang ba leng tšoantšisong ena. Lilemong tse fetileng, ke ne ke phela bophelo ba boikaketsi, empa ke ile ka lemoha hore bophelo bo joalo bo ka tlisa mathata. Ka mor’a ho shebella video, ke ikemiselitse ho tšepahala ho Jehova.”

Sulem oa lumela, o re: “Ha ke ne ke shebeletse video ena, ke ile ka ameha maikutlo haholo. Pejana ho mona, ke ne ke ile ka khaotsa ho bala Bibele ’me ke ne ke sa rapele Jehova hakaalo. Ha ke mamela se builoeng ke bacha videong ena, ke ile ka susumelletsoa ho boela ke qala ho ithuta Bibele le ho rapela Jehova.”

Kajeno bacha ba tobana le mathata a mangata, ’me hangata metsoalle eo ba e khethang e ka susumetsa ka matla tsela eo ba phelang ka eona. (Pesaleme ea 26:4; Liproverbia 13:20) Video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? e ntse e thusa ba bangata hore ba etse qeto e nepahetseng tabeng ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela