Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 8/15 leq. 29
  • Borapeli ba ’Nete bo Momahanya Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Borapeli ba ’Nete bo Momahanya Lelapa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 8/15 leq. 29

Borapeli ba ’Nete bo Momahanya Lelapa

MARIA o ne a le lilemo li 13 ha eena le moena oa hae, Lucy, ba utloa mong ka bona a ba bolella ka Jehova. O ile a ba a ba hlalosetsa ka tšepo ea Paradeise ea lefatšeng. Ba khahliloe ke seo, ba ile ba ea le eena Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Maria o ne a hloletsoe ke thuto e hlakileng e ileng ea fanoa moo. Ho ne ho fapane hōle le kerekeng, moo ntho e khōlō eo ba neng ba e etsa e neng e le ho bina feela! Nakoana hamorao bana bao ba ne ba se ba ithuta Bibele le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Abuti oa bona, Hugo, o ne a thahasella filosofi le thuto ea ho iphetola ha lintho. O ne a re ha a lumele ho Molimo. Empa ha a ntse a le sesoleng, o ile a bala buka e reng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? a O ile a fumana likarabo tsa lipotso tseo ho neng ho se na bolumeli bo bong bo neng bo ka li araba. Ha a qeta tšebeletso ea hae ea sesole, o ile a qala ho matlafatsa tumelo ea hae e ncha ho Molimo ka ho ithuta Bibele le ka ho ea libokeng le likhaitseli tsa hae. Maria le Lucy ba ile ba kolobetsoa ka 1992, e leng lilemo tse peli ka mor’a hore ba utloe ’nete ka lekhetlo la pele, ’me khaitseli ea bona ea kolobetsoa lilemo tse peli hamorao.

Khabareng batsoali ba bona, ba neng ba inehetse lineanong tsa Bok’hatholike, ba ne ba sa thahaselle ’nete. Ba ne ba nka Lipaki Tsa Jehova e le batho ba tenang, le hoja ba ne ba rata mekhoa e metle le moaparo o itekanetseng oa bacha ba Lipaki bao bana ba bona ba neng ba ee ba ba memele habo bona. Hape, nakong ea lijo, ha bana ba bona ba ne ba buisana ka seo ba ithutileng sona libokeng, seo se ne se tsosa thahasello ea batsoali ba bona.

Leha ho le joalo, batsoali ka bobeli ba ne ba thahasella boloi. Ntate oa bona e ne e le letahoa ’me o ne a otla ’mè oa bona. Lelapa leo le ne le le mothating oa ho qhalana. Joale, ntate oa bona o ile a koalloa teronkong ka libeke tse peli ka lebaka la ho etsa moferefere ha a tahiloe. Ha a ntse a le teronkong, o ile a qala ho bala Bibele. Ha a ntse a e bala, o ile a kopana le mantsoe a Jesu a buang ka pontšo ea matsatsi a ho qetela. Ba hloletsoe ke sena, ntate le ’mè oa bona ba ile ba ea Holong ea ’Muso eaba ba lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka lebaka la ho ithuta ’nete, ba ile ba senya libuka tsohle tsa bona tsa boloi ’me ba lokoloha litlhaselong tsa bademona ka ho ipiletsa lebitsong la Jehova. Ba ile ba qala ho fetola botho ba bona haholo.

Na u ka inahanela kamoo Maria le Lucy ba ileng ba ameha maikutlo kateng ha ba shebeletse ha batsoali ba bona ba kolobetsoa ke Hugo kopanong e ’ngoe ea setereke e neng e le Bolivia ka 1999? Ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang robong ho tloha ha Maria le Lucy ba qala ho utloa ka Jehova le ka litšepiso tsa hae. Hona joale, bona hammoho le Hugo ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke ho thabisang hakaakang hore ebe borapeli ba ’nete bo momahantse lelapa labo bona!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela