Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 8/15 leq. 32
  • Pono ea Molimo ka Bafu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pono ea Molimo ka Bafu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 8/15 leq. 32

Pono ea Molimo ka Bafu

KA SEBELE ho bohloko ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Sekheo se ke keng sa koaleha, ho jeoa ke bolutu le boikutlo ba ho lahleheloa li ke ke tsa lekanngoa. Ho shoeloa ke moratuoa ho ka etsa hore motho a ikutloe a feletsoe ke matla, kaha ho sa tsotellehe hore na motho o ruile hakae, o na le matla kapa o na le tšusumetso hakae, hona joale ha ho motho lefatšeng ea ka etsang hore motho ea shoeleng a boele a phele.

Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna o talima litaba ka tsela e fapaneng. Kaha o bōpile motho oa pele ka lerōle la lefatše, o boetse o khona ho bōpa bocha motho ea shoeleng. Ke ka lebaka leo Molimo a ka talimang bafu joalokaha eka baa phela. Ha Jesu a ne a bua ka bahlanka ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo ba shoeleng, o ile a re: “Kaofela baa phela ho [Molimo],” ka mantsoe a mang, baa phela ho ea ka pono ea Molimo.—Luka 20:38.

Ha a le lefatšeng, Jesu o ne a fuoe matla a ho tsosa bafu. (Johanne 5:21) Kahoo o ne a e-na le pono e tšoanang le ea Ntate oa hae ka bao ba shoeleng ba tšepahala. Ka mohlala, ha motsoalle oa hae Lazaro a ne a hlokahetse, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke ea . . . ho mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Ho ea ka pono ea batho, Lazaro o ne a shoele, empa ho Jehova le Jesu, Lazaro o ne a robetse.

Pusong ea ’Muso oa Jesu, “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Qetellong, ba tsositsoeng ba tla fuoa thuto e tsoang ho Molimo ’me ba be le tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Johanne 5:28, 29.

E, lefu la moratuoa le ka baka bohloko le mesarelo e meholo, e ka ’nang ea e-ba teng ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, ho talima bafu ho ea ka pono ea Molimo ho ka re tlisetsa matšeliso a maholo ’me ha re tlatsa tšepo.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela