Thuso ea Sebele Bakeng sa Mafutsana
HA Jesu Kreste, Mora oa Molimo, a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore o hlile o tsotella ho thusa mafutsana. Ha paki e boneng ka mahlo e ne e bua ka tšebeletso ea Jesu, e ile ea re: “Ba foufetseng ba boetse baa bona, le ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, le bafu ba ntse ba tsosoa, ’me mafutsana a bolelloa litaba tse molemo.” (Matheu 11:5) Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba limilione tse ngata ba futsanehileng kajeno? Na ho na le litaba tse molemo bakeng sa bona? E, ho na le molaetsa oa tšepo!
Le hoja hangata mafutsana a hlokomolohuoa le ho lebaloa ke lefatše ka kakaretso, Lentsoe la Molimo, Bibele, lea tšepisa: “Hase kamehla mofutsana a tla lebaloa, leha e le hore tšepo ea ba bonolo e tla timela le ka mohla.” (Pesaleme ea 9:18) Mantsoe ao a tšelisang a tla phethahala ha ’Muso oa Molimo, e leng puso ea sebele ea leholimo, o nkela puso eohle ea motho sebaka. (Daniele 2:44) E le Morena oa puso eo ea leholimo, Jesu “o tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:13, 14.
Maemo a bophelo a batho a tla be a le joang ha Kreste a busa lefatše? Batho ba tlang ho phela ha Kreste a busa lefatše ba tla thabela litholoana tsa mesebetsi ea bona. Ho Mikea 4:3, 4, Bibele e re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.” Hape ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a ho kula le lefu. (Esaia 25:8) Leo e tla ba lefatše le fapaneng hakaakang! Re ka lumela litšepiso tsena tsa Bibele hobane li bululetsoe ke Molimo ka boeena.
Ho phaella ho faneng ka molaetsa oa tšepo, Bibele e re thusa hore re tobane ka katleho le mathata a letsatsi le letsatsi, a kang ho hlōla bothata ba ho felloa ke boitlhompho, ho ka ’nang ha bakoa ke ho futsaneha. Mokreste ea futsanehileng oa tseba hore ho ea ka seo a ithutileng sona Bibeleng, mahlong a Molimo e ntse e le oa bohlokoa ho tšoana le Mokreste ea ruileng. Buka ea Bibele ea Jobo e re Molimo ‘ha aa nahanela ea hlomphehang ho feta ea tlaase, etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.’ (Jobo 34:19) Molimo o ba rata ka ho tšoana.—Liketso 10:34, 35.