Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ho ba le “bophelo ka ho eena” ho bolela’ng?
Bibele e re Jesu Kreste o na le “bophelo ka ho eena” ’me e re balateli ba hae ba na le ‘bophelo ka ho bona.’ (Johanne 5:26; 6:53) Leha ho le joalo, mangolo ana a mabeli ha a bolele ntho e le ’ngoe.
Jesu o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena, kahoo o nehile le Mora hore a be le bophelo ka ho eena.” Pele Jesu a bua mantsoe ana a tsotehang, o ile a re: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo bo sa feleng . . . Hora ea tla, ’me ke eona hona joale, ea ha bafu ba tla utloa lentsoe la Mora oa Molimo ’me ba etseng hloko ba tla phela.” Mona Jesu o ne a bua ka matla a ikhethang ao Ntate a mo fileng ’ona—e leng matla a ho etsa hore batho ba amohelehe ka pel’a Molimo. Ho feta moo, Jesu o khona ho tsosa ba robetseng lefung le ho ba fa bophelo. Bakeng sa Jesu, ho ba le “bophelo ka ho eena” ho bolela hore o fuoe matla ana. Kahoo joaloka Ntate, Mora le eena o na le ‘mpho ea bophelo ka ho eena,’ e leng kamoo mantsoe ana a ka boelang a fetoleloa kateng. (Johanne 5:24-26) Ho thoe’ng ka balateli ba hae?
Hoo e ka bang selemo hamorao, Jesu o ile a bua le bamameli ba hae, a re: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng, ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 6:53, 54) Mona Jesu o bapisa ho ba le “bophelo ka ho lōna” le ho fumana “bophelo bo sa feleng.” Lipoleloana tse bōpehileng ka tsela e tšoanang le ho ba le “bophelo ka ho lōna” li fumanoa libakeng tse ling ka Mangolong a Segerike. Mohlala oa pele ke o reng, “Le be le letsoai ka ho lōna,” ’me oa bobeli ke o buang ka ho “amohela ka ho bona puseletso e feletseng.” (Mareka 9:50; Baroma 1:27) Mehlaleng ena, lipoleloana tsena ha li bolele ho ba le matla a ho fana ka letsoai ho ba bang kapa ho iphetetsa ho leha e le mang. Ho e-na le hoo, sena se bolela botlalo, kapa ho ba ea feletseng ka hare. Kahoo, poleloana e reng ho ba le “bophelo ka ho lōna” e sebelisitsoeng ho Johanne 6:53 e mpa e bolela feela ho ba le bophelo ka botlalo.
Ha Jesu a ne a bua ka hore balateli ba hae ba na le bophelo ka ho bona, o ile a ama le taba ea nama le mali a hae. Hamorao ha a ne a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a boela a bua ka nama le mali a hae ’me a laela balateli ba hae ba neng ba tla kenngoa selekaneng se secha ho ja litšoantšetso tsa bohobe bo sa lomosoang le veine. Na see se bolela hore ke Bakreste ba tlotsitsoeng feela, ba leng selekaneng se secha le Jehova Molimo ba bang le bophelo ka botlalo? Che. Ho ile ha feta selemo lipakeng Jesu a buile mantsoe a liketsahalong tsena ka bobeli. Ba ileng ba utloa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 6:53, 54 ba ne ba sa tsebe letho ka mokete oa selemo le selemo le ka litšoantšetso tse neng li emela nama le mali a Kreste.
Ho ea ka Johanne khaolo ea 6, pele Jesu o bapisa nama ea hae le manna, ha a re: “Baholo-holo ba lōna ba ile ba ja manna lefeelleng ’me leha ho le joalo ba shoa. Bona ke bohobe bo theohang leholimong, e le hore leha e le mang a ka bo ja ’me a se ke a shoa. Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong; haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.” Nama ea Jesu, hammoho le mali a hae, li ne li feta manna a sebele. Ka tsela efe? Ka hore nama ea hae e ile ea fanoa “bakeng sa bophelo ba lefatše,” ea etsa hore ho khonehe ho fumana bophelo bo sa feleng.a Kahoo, poleloana e reng ho ba le “bophelo ka ho lōna” ho Johanne 6:53 e sebetsa ho bohle ba fumanang bophelo bo sa feleng—leholimong kapa lefatšeng.—Johanne 6:48-51.
Balateli ba Kreste ba fumana bophelo ka ho bona neng, kapa ho ba le bophelo ka botlalo? Majalefa a tlotsitsoeng a ’Muso a bo fumana nakong eo a tsosetsoang bophelong ba leholimo e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng. (1 Bakorinthe 15:52, 53; 1 Johanne 3:2) “Linku tse ling” tsa Jesu li ba le bophelo ka botlalo ka mor’a hore Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete e fele. Ka nako eo, li tla be li lekiloe, li fumanoe li tšepahala ’me ho boletsoe hore li lokile bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.—Johanne 10:16; Tšenolo 20:5, 7-10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lefeelleng, Baiseraele hammoho le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” ba ne ba hloka manna hore ba lule ba phela. (Exoda 12:37, 38; 16:13-18) Ka tsela e tšoanang, hore Bakreste bohle ba phele ka ho sa feleng, ebang ke batlotsuoa kapa che, ba lokela ho iphumanela manna a leholimo ka ho sebelisa tumelo matleng a lopollang a nama le mali tsa Jesu tse ileng tsa fanoa e le sehlabelo.—Bona Molula-Qhooa oa February 1, 1988, leqepheng la 30-1.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Bakreste bohle ba ’nete ba ka ba le ‘bophelo ka ho bona’