Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 11/1 leq. 32
  • “Ke Fumane Botsoalle, Lerato le Tlhokomelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Fumane Botsoalle, Lerato le Tlhokomelo”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 11/1 leq. 32

“Ke Fumane Botsoalle, Lerato le Tlhokomelo”

“BOHLE ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, lerato e ile ea e-ba letšoao le khethollang mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste mehleng ea pele. Tertullian, ea ileng a ngola mantsoe a hae lilemo tse fetang lekholo ka mor’a lefu la Kreste, o ile a qotsa mantsoe a bashebelli a reng: ‘A ke le boneng kamoo ba ratanang kateng le kamoo ba bileng ba ikemiselitseng ho shoelana kateng.’

Na lerato la mofuta oo le ntse le ka fumanoa lefatšeng? E, le ka fumanoa. Nka ka mohlala, lengolo le ileng la amoheloa ke ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Brazil. Mosali ea ngotseng lengolo leo, eo lebitso la hae e leng Marília, o ile a ngola a re:

“Ha re sa lula Villa Mercedes, Argentina, ’Mè, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a tšoaroa ke boloetse ba masapo le manonyeletso, bo ileng ba mo siea a holofetse ho tloha thekeng ho ea tlaase. Likhoeling tse qalang tse robeli tsa ho kula ha hae, ke Lipaki tsa Villa Mercedes tse neng li mo hlokomela ka lerato le ka tsela e nahanelang. Li ne li hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, li mo hloekisetsa lehae le ho mo apehela. Esita le ha ’Mè a ne a le sepetlele, o ne a lula a e-na le motho, bosiu le motšehare.

“’Na le ’Mè re khutletse Brazil, moo a ntseng a hlaphoheloa ho kuleng ha hae. Lipaki tsa moo re lulang teng hona joale li etsa sohle seo li ka se khonang ho thusa ’Mè hore a hlaphoheloe.”

Marília o phetha lengolo la hae ka ho re: “Ho bua ’nete, ’na ka bonna ha ke Paki, empa ke fumane botsoalle, lerato le tlhokomelo ho Lipaki.”

Ha e le hantle, ho ntse ho e-na le batho ba bontšang lerato la sebele la Bokreste. Ka ho etsa joalo, ba bonahatsa matla ao lithuto tsa Jesu li ka bang le ’ona bophelong ba rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela