Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/15 leq. 32
  • Na U ka Bona ka Mahlo a Kelello Seo U se Balang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Bona ka Mahlo a Kelello Seo U se Balang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/15 leq. 32

Na U ka Bona ka Mahlo a Kelello Seo U se Balang?

E LE hore u bone liketsahalo ka mahlo a kelello, u tla thusoa ke hore u tsebe libaka tseo u balang ka tsona. Ka mohlala, nahana ka maeto a boromuoa a moapostola Pauluse, ao ho buuoang ka ’ona bukeng ea Bibele ea Liketso. O ile a qala leeto la hae la pele la boromuoa Antioke, moo balateli ba Jesu ba ileng ba bitsoa Bakreste ka lekhetlo la pele. Ha a tloha moo, o ile a ea libakeng tse kang Salamise, Antioke ea Pisidia, Ikoniamo, Lystra le Derbe. Na u ka bona ka mahlo a kelello hore na libaka tsee li ne li le hokae?

Mohlomong u ke ke ua li bona, ntle leha u e-na le ’mapa. Bukana e ncha e nang le maqephe a 36 ea “Bona Naha e Ntle,” e na le ’mapa o joalo. ’Mali e mong oa Montana, U.S.A., o re ka kananelo: “Ka mahlo a kelello ke khona ho bona maeto a Pauluse ’me ke leka ho nahana ka seo a neng a tsamaea ka sona le ka mosebetsi oo eena le ba bang ba mehleng ea pele ba neng ba o etsa ho jala litaba tse molemo. Ke le leboha haholo ka ’mapa ona o rutang.”

Bukaneng ena, ’mapa oa maeto a Pauluse ke o mong feela oa e mengata e tla thusa ’mali ho bona ka mahlo a kelello se ngotsoeng ka Bibeleng. U ka kōpa bukana ea “Bona Naha e Ntle” ka hore u tlatse setlankane sena ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse leqepheng la 2 la makasine ona.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana ea “Bona Naha e Ntle.”

□ Ke kōpa hore le iteanye le ’na mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela