Na re Tla ke re Thabele Tšireletseho ea Sebele?
BANA ba bapalang ka thabo le batsoali ba bona ba ba ratang—ke mang ea sa thabeleng ho shebella pono eo? Bana ba ikutloa ba sireletsehile ka ho feletseng ha ba e-na le batsoali ba ba tsotellang. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba ba le linako tse joalo ka seoelo. Ho e-na le ho ba le linako tse joalo, bana ba bang letsatsi le letsatsi ba tlameha ho nahana ka thata hore na ba tla beha hlooho hokae ha le likela. Na tšepo e teng bakeng sa bana bao ba se nang mahae le bakeng sa batho ba bang ba phelang ba sa sireletseha?
Le hoja bokamoso bo ka bonahala bo le lerootho, Lentsoe la Molimo le fana ka tšepo. Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore letsatsi le tla tla leo ka lona bohle ba tla sireletseha ka ho feletseng. O ile a ngola a re: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”—Esaia 65:21, 22.
Empa na tšepo ee e na le motheo oa sebele? Ha e le hantle, hase kamehla lentsoe “tšepo” le bontšang ntho e tla hle e etsahale. Ka mohlala, hangata Brazil u utloa polelo e reng: “A esperança é a última que morre.” Ka ho toba e bolela hore, “Tšepo ke eona e shoang qetellong.” Sena se bolela ka mokhoa o sa tobang hore batho ba bangata ba lula ba e-na le tšepo leha ho se na motheo oa tšepo. Empa ha ho joalo ka tšepo eo re e fuoang ke Molimo ea phelang. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.” (Baroma 10:11) Boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse bo re kholisa hore litšepiso tse ling tsohle tseo Jehova Molimo a li entseng le tsona li tla phethahala. Ha litšepiso tseo li phethahala, maemo a qobellang bana hore ba phele literateng a tla fela.
Esita le kajeno keletso e utloahalang ea Bibele e ka thusa ba se nang tšepo hore ba ntlafatse bophelo ba bona le hore ba fumane tšireletseho ea ’nete. Joang? Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u fumane karabo ea potso ena.