Nako ea Lijo Hase Feela Nako ea ho Ja!
MOTHO e mong le e mong o thabela lijo tse hlabosang. Haeba nakong ea lijo u ka qoqa hamonate le batho bao u ba ratang ua ba ua thabela botsoalle bo mofuthu le bona, sena e ba ketsahalo e monate ho feta feela ho jella ho khora. Malapa a mangata a tloaetse ho bokana hammoho bonyane hang ka letsatsi e le hore a ka ja hammoho. Nako ea lijo e fa lelapa monyetla oa ho qoqa ka liketsahalo kapa lipakane tsa lona tsa letsatsi. Batsoali ba mamelang litlhaloso le lipolelo tsa bana ba bona ba khona ho ba le leseli la hore na bana ba bona ba nahana eng le hore na ba ikutloa joang. Khabareng, botsoalle bo teng ha bohle ba thabile ba bile ba lokolohile nakong ea lijo, bo etsa hore litho tsa lelapa li ikutloe li sireletsehile, li tšepana li bile li ratana, e leng se etsang hore ho be le botsitso ka lapeng.
Kajeno, kaha litho tse ngata tsa malapa li phathahane li bile li lula li tšoarehile, li fumana ho le thata ho ba ’moho nakong ea lijo. Likarolong tse ling tsa lefatše, meetlo ha e lumelle malapa ho ja hammoho kapa hona ho bua nakong ea lijo. Malapa a mang a tloaetse ho bulela TV nakong ea lijo, e leng ntho e hlileng e a sitisang ho fumana monyetla leha e le ofe oa ho qoqa ka lintho tsa bohlokoa.
Leha ho le joalo, batsoali ba Bakreste ba lula ba le hlokolosi hore ba sebelise menyetla e hlahang bakeng sa ho haha litho tsa malapa a bona. (Liproverbia 24:27) Khale koana, batsoali ba ile ba bolelloa hore menyetla e metlehali ea ho qoqa le bana ba bona ka lentsoe la Molimo e ne e le ‘ha ba lutse ka matlung a bona.’ (Deuteronoma 6:7) Haeba kamehla lelapa le e-ba hammoho nakong ea lijo, batsoali ba fumana monyetla o ikhethang oa ho kenya ka baneng ba bona lerato le tebileng bakeng sa Jehova le melao-motheo ea hae e lokileng. Ka ho etsa hore bohle ba thabe le ho lokoloha, u ka etsa hore nako ea lijo e be e thabisang le e matlafatsang bakeng sa lelapa la hao. Etsa hore nako ea lijo e se be feela nako ea ho ja!