Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 5/1 leq. 3
  • Tsietsi ea Hlaha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsietsi ea Hlaha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Tlokotsi e Hlaha
    Tsoha!—2014
  • Tsoho—e Fana ka Tšepo e Thabisang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Selelekela
    Tsoha!—2020
  • Ho na le Matšeliso Afe Bakeng sa ba Shoetsoeng?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 5/1 leq. 3

Tsietsi ea Hlaha

OWEN, e leng moshanyana ea lilemo li peli le halofo, o ne a bapalla ka phaposing eabo ea ho hlapela. O ile a khona ho hloella k’haboteng ea meriana eo batsoali ba hae ba neng ba nahana hore a ke ke a e fihlela. Ka har’a k’habote eo o ile a bona botlolo e ’ngoe e ileng ea mo hohela. O ile a e bula eaba o noa mokelikeli o ka hare. Eaba tsietsi ea hlaha.

Botlolo eo e ne e tšetse asiti e tlosang mafome, ’me ka masoabi, Owen o ile a hlokahala. Batsoali ba hae ba ile ba sareloa. Ntat’ae, e leng Percy, o ile a batla matšeliso kerekeng ea hae. O ile a botsa: “Ke hobane’ng ha ho etsahetse ntho e tjee?” Moruti o ile a mo araba a re, “Molimo o ne a batla lengeloi le leng le lenyenyane leholimong.” A sithabetse, motsoali enoa ea utloileng bohloko ka lebaka la ngoana ea hlokahetseng o ile a nka sena e le ketso e sa lokang ho hang. Na kannete Molimo o ne a rerile hore tsietsi e joalo e hlahe? A feletsoe ke tšepo, Percy o ile a phetha ka hore ha a sa batla ho utloa letho ka kereke ea hae.

Ha Percy a nahana ka se etsahetseng, o ile a ipotsa: ‘Na moshanyana oa ka o ntse a utloa bohloko? Na ke tla ke ke mo bone hape?’

E ka ’na eaba le uena u kile ua ipotsa hore na ho etsahala’ng lefung le hore na ho tla ke ho khonehe hore re boele re kopane le baratuoa ba shoeleng nakong e tlang. Lentsoe la Molimo, Bibele, le araba lipotso tsena. Bibele e na le likarabo tse hlakileng le tse tšelisang bakeng sa bohle ba kileng ba talimana le litsietsi tse joalo. Ho feta moo, e senola tebello e thabisang eo Molimo a e tšepisitseng—e leng ea tsoho.

Re kōpa hore u bale sehlooho se latelang e le hore u ithute haholoanyane ka tšepo ena e hlollang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela