Ba Bile Sebete ha ba Hanyetsoa
LETŠOELE le befileng le ne le qobeletse metsoalle e meng e ’meli ea Pauluse, e leng Gaiase le Aristakase hore e kene ka lebaleng la liketsahalo la Efese. Moo letšoele leo le halefileng le ile la hooa ka lihora tse peli le re: “O moholo Artemise oa Baefese!” (Liketso 19:28, 29, 34) Na metsoalle ea Pauluse e ile ea ema e tiile ha e hanyetsoa joalo? Hona ke eng e ileng ea etsa hore e be boemong boo?
Pauluse o ne a boletse ka katleho motseng oa Efese hoo e ka bang ka lilemo tse tharo. Ka lebaka leo, Baefese ba bangata ba ne ba khaolitse ho rapela litšoantšo. (Liketso 19:26; 20:31) Setšoantšo se rapeloang se neng se tumme sa Efese e ne e le setšoantšo se nyenyane sa silevera sa Artemise, e leng molimotsana oa tsoalo, eo tempele ea hae e mahalihali e neng e okametse motse. Litšoantšo tsena tse nyenyane tsa tempele li ne li roaloa joaloka lithatho kapa li manehoa malapeng. Ho hlakile hore Bakreste ba ne ba ke ke ba reka litšoantšo tseo.—1 Johanne 5:21.
Demetriase, e leng e mong oa litei tsa silevera, o ne a lumela hore tšebeletso ea Pauluse e ne e sitisa khoebo ea bona e atlehang. A sebelisa linnete tse sa fellang esita le ho fetelletsa lintho, o ile a kholisa litei-’moho le eena hore batho bohle ho pholletsa le Asia Minor ba ne ba tla khaotsa ho rapela Artemise. Eitse hang ha litei tsa silevera tse hlokofetseng li qala ho tleroha li thoholetsa Artemise, ho ile ha qaleha morusu o moholo ’me motse oohle oa tlala pherekano.—Liketso 19:24-29.
Batho ba likete ba ile ba bokana lebaleng la liketsahalo, le neng le ka luloa ke bashebelli ba 25 000. Pauluse o ile a ithaopela ho bua le letšoele leo le neng le sa laolehe, empa balaoli ba nang le botsoalle ba ile ba mo kholisa hore a se ke a etsa joalo. Qetellong, motlalehi oa motse o ile a atleha ho khutsisa letšoele, eaba Gaiase le Aristakase ba pholoha ho se ea lemetseng.—Liketso 19:35-41.
Kajeno, batho ba Molimo le bona ba ka ’na ba talimana le bahanyetsi esita le merusu ha ba ntse ba ntšetsa pele tšebeletso ea bona. Ba atisa ho bolela litaba tse molemo metseng eo ho eona borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo litšila le botlokotsebe li jeleng setsi. Leha ho le joalo, ka sebete ba etsisa moapostola Pauluse, ea sa kang a ‘tlohela ho ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo’ motseng oa Efese. (Liketso 20:20) ’Me ka ho tšoanang, baa thaba ha ba bona ‘lentsoe la Jehova le hōla le ho hlōla.’—Liketso 19:20.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lithako tsa lebala la liketsahalo la Efese