Ho Batla Khotso ea Kelello
ALBERT e ne e le monna ea thabileng oa lelapa ’me a e-na le bana ba babeli ba ratehang. Empa o ne a utloa hore ho na le ho itseng ho haellang bophelong ba hae. O ile a kena lipolotiking nakong ea ha a ntse a sokola a batla mosebetsi, ’me a amohela likhopolo tsa puso ea sechaba. A ba a fetoha setho se mafolofolo mokheng oa Bokomonisi oa sebakeng sa habo.
Empa Albert o ile a felloa ke tšepo Bokomonising ka mor’a nakoana e seng kae feela. O ile a khaola maqhama a hae lipolotiking ’me a shebana le ba lelapa la hae ka ho feletseng. Sepheo sa hae bophelong e ile ea e-ba ho tiisa hore ba lelapa la hae ba thabile. Leha ho le joalo, Albert o ile a ’na a utloa ho na le ho haellang bophelong ba hae; o ne a ntse a se na khotso ea kelello.
Hase Albert feela ea ikutloang ka tsela ena. Batho ba limilione ba lekile likhopolo, lifilosofi le malumeli a sa tšoaneng e le ha ba leka ho fumana morero oa bophelo. Linaheng tsa Bophirimela, mahipi a lilemong tsa bo-1960 a ile a fetohela meetlo le litekanyetso tsa boitšoaro. Bacha ka ho khetheha ba ile ba leka ho fumana thabo le morero bophelong ka hore ba sebelise lithethefatsi tse tšerehanyang kelello le ka ho latela lifilosofi tsa bao ho thoeng ke bo-tsebanyane ba mahipi le baeta-pele ba ’ona. Empa mokhatlo oa mahipi o ile oa hlōleha ho tlisa thabo ea sebele. Ho e-na le hoo, o ile oa thusa ho hlahisa bacha ba lemaletseng lithethefatsi le ba itšoereng hampe, ’me oa potlakisa pherekano e teng boitšoarong ba batho.
Ka lilemo tse makholo, ba bangata ba ’nile ba batla thabo ka ho lelekisa leruo, matla kapa thuto. Lintho tsena li ile tsa ba soetsa qetellong. Jesu o ile a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ha e le hantle, ho ikemisetsa ho lelekisa leruo ho atisa ho fella ka masoabi. Bibele e re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang . . . ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
Joale, motho a ka fumana khotso ea kelello le morero joang bophelong? Na ke taba ea ho leka lehlohonolo, joalokaha eka motho o phopholetsa lefifing feela ka hlooho e ntšo? Ke ho thabisang hore ebe ha ho joalo. Joalokaha re tla bona sehloohong se latelang, tharollo e itšetlehile ka ho khotsofatsa tlhoko ea bohlokoa haholo, eo ha e le hantle e leng tlhoko e teng ho batho feela.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Na ho lelekisa leruo, matla kapa thuto ho tla u thusa hore u fumane khotso ea kelello?