“Ho Felile”
KA SELEMO sa 2002, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoarela kopano ea setereke motseng oa Mbandaka, o karolong e ka leboea-bophirimela ea Democratic Republic of Congo. Ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Selingala, bamameli ba ile ba tlōla ke thabo, ’me ba bang ba itšela ka likhapha. Ka mor’a moo, batho ba mathela sethaleng ho ea bona hantle Bibele ena e ncha, ba ntse ba hooa ba re: “Basuki, Basambwe,” e bolelang: “Ho felile! Likereke li soabile!”
Ke hobane’ng ha bamameli ba ne ba thabile hakaalo, hona ba ne ba bolela’ng ka mantsoe ao? Likarolong tse ling tsa Mbandaka, Lipaki Tsa Jehova li ne li sitoa ho fumana Libibele ka Selingala. Hobane’ng? Hobane likereke li ne li hana ho rekisetsa Lipaki Tsa Jehova Libibele. Lipaki li ne li tlameha ho kōpa batho bao e seng Lipaki hore ba li fumanele tsona. Kahoo li ne li thabile haholo hobane likereke li ne li se li ke ke tsa hlola li li thibela ho fumana Libibele.
Phetolelo ena e ncha ha e na ho tsoela Lipaki Tsa Jehova molemo feela empa e tla tsoela le batho ka kakaretso molemo. Monna e mong ea neng a khona ho mamela lenaneo la kopano a le ha hae ka libuela-hōle o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, a re: “Ke thabetse ho lokolloa ha Bibele ena haholo. E tla re hlaha leseling ka lintho tse ngata. Ha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, empa ke letetse ka tabatabelo Bibele ena eo le sa tsoa e hatisa.”
Hona joale Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fumaneha e feletse ka lipuo tse 33, ’me Mangolo a Segerike a Bakreste, ka lipuo tse 19, ho akarelletsa Selingala. Ke hobane’ng ha u sa kōpe e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u fumanele phetolelo ee e babatsehang ea Bibele?