“Le Leng la Matsatsi a Molemo ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka”
MOKHATLO oa Beyondblue, o tšehetsoang ka lichelete ke ’muso oa Australia o bolela hore “bothata ba bophelo ba kelello bo tlalehoang ka ho fetisisa le boo mohlomong e leng ba bohlokoa ka ho fetisisa har’a bacha ke ba ho tetebela maikutlo.” Liphuputso li bontša hore selemo le selemo bacha ba Australia ba ka bang 100 000 ba tšoaroa ke lefu la ho tetebela maikutlo.
Bacha ba Bakreste le bona ba ntse ba tšoaroa ke lefu la ho tetebela maikutlo. Leha ho le joalo, ho ba le tumelo ho Jehova ho thusitse ba bangata ba bona hore ba hlōle ho ba le maikutlo a fosahetseng le hore ba atlehe bocheng ba bona. Ka ho etsa joalo, ba khahla batho ba bang haholo. Ka tsela efe?
Ak’u nahane ka se ileng sa etsahalla Claire ea lilemo li 18. Eena le ’mè oa hae ba kopanela phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e Melbourne. Ha ntate oa Claire a lahla lelapa, seo se ile sa tetebetsa Claire maikutlo. Empa tumelo ea hae ho Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, e ile ea lula e ntse e le matla. Ka letsatsi le leng, Lydia, e leng ngaka ea lelapa, o ile a ea habo Claire ho ea bona ’mè oa hae ea neng a kula. Ka mor’a moo, ka mosa o ile a ithaopela ho isa Claire ka koloi setsing sa mabenkele. Ha ba le tseleng, o ile a botsa Claire hore na o na le mohlankana. Claire o ile a hlalosa hore eena joalokaha e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ha a itlose bolutu ka ho intša le bashemane. Sena se ile sa makatsa ngaka. Eaba Claire o hlalosa kamoo Bibele e mo thusitseng kateng hore a etse liqeto tse bohlale bophelong. Qetellong, o ile a ithaopela ho tlisetsa ngaka buka e thehiloeng Bibeleng e neng e mo thusitse haholo. Sehlooho sa buka eo se ne se re Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
Matsatsi a mararo ka mor’a hore Lydia a fumane buka eo, o ile a letsetsa ’mè oa Claire mohala a mo bolella kamoo a neng a thabetse ho bala buka eo kateng. Eaba o kōpela basebetsi-’moho le eena libuka tse ling tse tšeletseng. Ha Claire a tlisa libuka tseo, ngaka e ile ea mo hlalosetsa kamoo e neng e khahliloe kateng ke tumelo ea Claire. Claire o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le ngaka eo, ’me ea lumela.
Ka likhoeli tse ’maloa, Claire o ne a khanna thuto ha ngaka e khefulitse nakong ea lijo tsa motšehare. Joale Lydia a botsa Claire hore na a ka fana ka puo thupelong e buang ka ho tetebela maikutlo ho teng har’a bacha. Le hoja Claire a ne a tšohile, o ile a lumela. Thupelong eo, ho ne ho e-na le batho ba fetang 60. Litsebi tse ’nè tsa mafu a kelello, tseo kaofela e neng e le batho ba baholo, li ile tsa bua le bamameli. Joale ha fihla nako ea hore Claire a bue. O ile a totobatsa kamoo ho leng bohlokoa kateng hore bacha ba be le kamano le Molimo. A hlalosa hore Jehova Molimo o tsotella bacha ka ho tebileng ’me o thusa bohle ba retelehelang ho eena hore ba fumane tšehetso le matšeliso. Ho phaella moo, o ile a hlalosa kamoo a kholisehileng kateng hore haufinyane Jehova o tla felisa mefuta eohle ea mafu a ’mele le a kelello. (Esaia 33:24) Bopaki boo bo botle bo bile le phello efe?
Claire o re: “Ba bangata ba ile ba tla ho ’na ka mor’a lenaneo ho tla bolela kamoo ba neng ba khahliloe kateng ke ho utloa mocha a bua ka Molimo. Ke ile ka tsamaisa libuka tse 23 tsa Bacha Baa Botsa. Banana ba bararo ba neng ba le har’a bamameli ba ile ba mpha linomoro tsa bona tsa thelefono. Hona joale e mong oa banana bana o ithuta Bibele. Leo e ne e le le leng la matsatsi a molemo ka ho fetisisa bophelong ba ka.”