Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/15 leq. 32
  • ‘Lerato la Lōna Kaofela Lea Eketseha’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Lerato la Lōna Kaofela Lea Eketseha’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/15 leq. 32

‘Lerato la Lōna Kaofela Lea Eketseha’

JAPANE e ile ea oeloa ke likoluoa tse ngata tsa tlhaho ka 2004. Tse ling tsa tsona e ne e le maholiotsoana, likhohola le litšisinyeho tsa lefatše. Li ile tsa ama ka matla bophelo ba batho ba bangata, ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova. (Moeklesia 9:11) Leha ho le joalo, litsietsi tsena, li ile tsa bula monyetla oa hore Lipaki li bontšane lerato la bara ba motho.—1 Petrose 1:22.

Ka mohlala, ka lebaka la lipula tsa litloebelele tse ileng tsa na ka July, nōka e ’ngoe e bohareng ba Japane e ile ea tlōla mabōpo. Likhohola li ile tsa senya matlo a fetang a 20 a Lipaki Tsa Jehova. Ka har’a Holo e ’ngoe ea ’Muso, metsi a ile a fihla bophahamong ba mithara e le ’ngoe. Lipaki tse tsoang liphuthehong tse haufi li ile tsa phalla hang-hang. Baithaopi ba baloang ka makholo ba ile ba hloekisa matlo a neng a tletse seretse. Ka libeke tse peli feela, Holo ea ’Muso e ne e hloekisitse ebile e lokisitsoe.

Ka la 23 October, tšisinyeho ea lefatše ea tekanyo ea 6,8 sekaleng sa Richter e ile ea etsahala sebakeng sona seo. Ho ile ha e-shoa batho ba 40, ’me ba fetang 100 000 ba ile ba tlameha ho tlosoa malapeng a bona. Phepelo ea metsi, ea gase le ea motlakase e ile ea khaoha. Ke ’nete hore tšisinyeho ena ea lefatše e ile ea etsahala bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha Holong ea ’Muso e neng e lokisitsoe, empa ha ea ka ea senyeha. Kapele feela e ile ea etsoa setsi sa nakoana sa liphallelo. Balebeli ba Bakreste ba ile ba potlakela ho bona hore na balumeli-’moho le bona ba sireletsehile ’me ba ile ba imoloha ha ba tseba hore ha ho ea lemetseng kapa ea shoeleng. Hoseng ka letsatsi le hlahlamang, Lipaki tse tšeletseng tse neng li anngoe ke sekhohola sa July, li ile tsa ithaopa ka thabo ho isa lijo le metsi sebakeng seo. Lihora tse seng kae ka mor’a tšisinyeho eo ea lefatše, batho ba ile ba fuoa liphallelo.

Molebeli e mong o re: “Ba neng ba ile ba hlaseloa ke sekhohola, ba ile ba nka hore mosebetsi ona oa liphallelo o etsetsoang ba anngoeng ke tšisinyeho ea lefatše, ke monyetla o motle oa ho leboha thuso eo ba neng ba e etselitsoe. Ba ile ba sebetsa ka thata ho tloha hoseng ho fihlela bosiu haholo, ’me lifahleho tsa bona li ne li tletse thabo!”

Likhohola kapa litšisinyeho tsa lefatše ha li khaole maqhama a lerato a kopantseng Bakreste mokhatlong oa bara ba motho oa Lipaki Tsa Jehova. Ho e-na le hoo, ha ho hlaha likoluoa tsa mofuta ona, Bakreste ba utloa seo moapostola Pauluse a ileng a se bolella balumeli-’moho le eena ba Thesalonika ha a ne a re: “Lerato la e mong le e mong le la lōna kaofela lea eketseha e mong ho e mong.”—2 Bathesalonika 1:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela