“Good News for People of All Nations”
BUKANA e bontšitsoeng ka holimo e ile ea lokolloa Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova tsa “Tsamaeang le Molimo” tsa 2004/05. Khatiso e ’ngoe ea bukana eo ke e maqephe a 96 e nang le melaetsa e mekhutšoanyane ka lipuo tse 92, ho tloha ka Seafrikanse ho ea ho Sezulu, ’me e reretsoe ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso bathong ba bangata kamoo ho ka khonehang. (Matheu 24:14) Ka tlaase mona ho hlalosoa liphello tse atisang ho hlaha ha ho sebelisoa bukana ena.
• Lelapa le leng la Lipaki le ile la etela lirapeng tsa boikhathollo tse tharo, ka mor’a hore le fumane bukana ena kopanong. Ha le le moo, le ile la kopana le batho ba tsoang India, Netherlands, Pakistan le Philippines. Monna o ile a re: “Le hoja batho bana kaofela ba ne ba bua Senyesemane hanyenyane, ba ile ba hlolloa ha re ba bontša molaetsa o ngotsoeng ka lipuo tsa habo bona, kaha ba ne ba le hōle haholo le hae. Ba ile ba bona hantle hore mosebetsi oa rōna o etsoa lefatšeng lohle, ba ba ba bona le bonngoe ba rōna.”
• Paki e ’ngoe e ile ea bontša monna e mong ea sebetsang le eona oa India bukana ena. O ne a hloletsoe ha a bona lipuo tsohle tse hlahang ka ho eona eaba o bala molaetsa ka puo ea habo. Sena se ile sa etsa hore ba buisane ka Bibele haholoanyane. Mosali e mong ea sebetsang le Paki eo oa Philippines o ne a maketse ha a bona puo ea habo ka bukaneng ena ’me o ile a thahasella ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova.
• Canada, mosali e mong oa Nepal o ile a lumela ho ithuta Bibele le Paki ka thelefono empa o ne a le leqe ho memela morali eo oabo rōna lelapeng la hae. Empa eitse ha Paki e bua le eena ka bukana e nang le molaetsa ka Senepali, mosali eo o ile a thaba haholo eaba o memela morali’abo rōna lelapeng la hae. O ne a batla ho iponela ka boeena molaetsa o ngotsoeng ka puo ea habo! Ho tloha nakong eo, mosali eo o ’nile a rutoa Bibele lelapeng la hae.