Sefate sa Selemo se Secha—Na ke Moetlo oa Russia, Kapa oa Bokreste?
“QALONG ea lilemo tsa bo-1830, sefate sena se lulang se le setala se ne se ntse se bitsoa ‘khopolo e ntle ea Majeremane.’ Qetellong ea lilemo tseo tse leshome, se ne se se se ‘fetohile moetlo’ matlong a barui ba St. Petersburg. . . . Lekholong la bo19 la lilemo, ke baruti le batho ba boemo bo tlaase feela ba sa kang ba latela moetlo oa ho ba le sefate sena se lulang se le setala matlong a bona. . . .
“Pele ho lekholo la bo19 la lilemo, sefate sena . . . se ne se sa ratoe haholo. Ho nkoa ha sona e le tšoantšetso ea lefu le ho amahanngoa ha sona le ‘sebaka sa meea e shoeleng,’ ho ea ka moetlo oa Serussia, hammoho le moetlo oa ho beha sefate sena marulelong a libara, ho ne ho sa lumellane le maikutlo a sa tšoaneng ao batho ba neng ba e-na le ’ona bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo. . . . Hoa utloahala hore ha batho ba ntse ba amohela moetlo oa ho khabisa matlo a bona ka sefate sena, moetlo ona o nkiloeng linaheng tse ling o ne o tla ba le moelelo o tšoanang le oo sefate sa Keresemese se neng se e-na le oona Linaheng Tsa Bophirimela, e leng kamoo [sefate sena] se amanang kateng le khopolo ea Keresemese. . . .
“Mohato oa ho fetola sefate sena moetlo oa Bokreste o ile oa baka mathata Russia. Kereke ea Orthodox e ile ea o hanyetsa. Baruti ba ne ba talima mokete ona o mocha e le ‘ketso ea bodemona,’ ebile e le moetlo oa bohetene, o neng o sa amane ho hang le tsoalo ea Mopholosi, ’me ho feta moo, e ne e le moetlo oa Linaha Tsa Bophirimela.”—Moprofesa Yelena V. Dushechkina, tichere ea saense ea lingoliloeng Univesithing ea ’Muso ea St. Petersburg.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Photograph: Nikolai Rakhmanov