“Mokhabiso oa Galilea Eohle”
LIK’HILOMITHARA tse 6,5 ka leboea-bophirimela ho Nazaretha, e leng motse oo Jesu a hōletseng ho oona, ho ne ho e-na le motse oo ho seng mohla Likosepele li kileng tsa bua ka oona. Leha ho le joalo, ho ea ka rahistori oa Mojuda ea tummeng oa lekholong la pele la lilemo, e leng Flavius Josephus, motse oo o ne o thoholetsoa ka hore ke “mokhabiso oa Galilea eohle.” E ne e le motse oa Sepphoris. Ke’ng seo re se tsebang ka motse oo?
Ka mor’a lefu la Heroda e Moholo, mohlomong ka selemo sa 1 B.C.E., baahi ba Sepphoris ba ile ba fetohela Roma, e leng se ileng sa fella ka hore motse oo oa bona o timetsoe. Mor’a Heroda, e leng Antipase o ile a ja lefa Galilea le Perea ’me a khetha lithako tsa Sepphoris hore e be sebaka sa motse-moholo oa hae o mocha. Motse oo o ile oa tsosolosoa ’me oa hahoa ka mokhoa oa Bagerike le Baroma, empa boholo ba baahi ba oona e ne e le Bajuda. Ho ea ka Moprofesa Richard A. Batey, motse oo o ile oa fetoha “setsi se seholo sa ’muso sa ho laola Galilea le Perea” ho fihlela Antipase a haha Tiberiase hoo e ka bang ka 21 C.E. hore e be eona motse-moholo ho fapana le Sepphoris. Ka nako eo Jesu o ne a lula haufi le motse oo.
Moprofesa James Strange, ea ileng a epa motse oa Sepphoris, o lumela hore motse oo o kile oa ba le libaka tsa polokelo ea litlaleho, sebaka sa polokelo ea matlotlo, sebaka sa polokelo ea lihlomo, libanka, mehaho ea sechaba, limmaraka tse rekisang thepa e entsoeng ka letsopa, ka khalase, ka tšepe, tse rekisang mabenyane esita le mefuta e sa tšoaneng ea lijo. Ho ne ho e-na le ba lohang hape ho e-na le bahoebi ba liaparo le mabenkele ao ho ’ona ho neng ho ka rekoa libasekete, thepa ea ka tlung, litlolo tse nkhang hamonate le tse ling tse joalo. Ho hakanyetsoa hore nakong eo, baahi ba motse oo ba ne ba ka ba 8 000 ho isa ho 12 000.
Na Jesu o kile a etela toropong ee e neng e phethesela, eo motho a neng a ka nka hora feela hore a fihle ho eona ha a tloha Nazaretha a tsamaea ka maoto? Likosepele ha li arabe potso eo. Leha ho le joalo, The Anchor Bible Dictionary e bolela hore “tsela e totobetseng e neng e tloha Nazaretha e leba Kana ea Galilea e ne e feta le Sepphoris.” (Johanne 2:1; 4:46) Ha motho a le Nazaretha a ka bona leralla la Sepphoris, le bophahamo ba limithara tse 120 ka holim’a phula ea moo. Ba bang ba lumela hore ha Jesu a ne a etsa papiso ea hore “motse o ke ke oa pateha ha o lutse holim’a thaba,” mohlomong o ne a nahanne ka motse oo.—Matheu 5:14.
Ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe ka 70 C.E., Sepphoris e ile ea e-ba motse oa bohlokoa oa Bajuda Galilea ’me hamorao ea e-ba sebaka sa Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda. Ka nako e itseng, motse oo o kile oa atleha e le setsi sa thuto sa Bajuda.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 32]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle la Galilea
GALILEA
Kana
Tiberiase
SEPPHORIS
Nazaretha
PEREA
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Pottery: Excavated by Wohl Archaeological Museum, Herodian Quarter, Jewish Quarter. Owned by Company for the Reconstruction of the Jewish Quarter in the Old City of Jerusalem, Ltd