Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 10/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke ka Tsela Efe Jesu Kreste e Neng e le Moprofeta ea Tšoanang le Moshe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 10/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha ho Deuteronoma 31:2 Phetolelo ea Lefatše le Lecha e bolela hore Moshe o ne a ke ke ‘a hlola a lumelloa ho tsoa le ho kena’ e le moeta-pele oa Baiseraele, empa liphetolelo tse ling tsona li bontša hore o ne a se a sa khone ho etella pele?

Le hoja lentsoe la Seheberu leo ho buuoang ka lona mona le ka fetoleloa ka litsela tsena tse peli, liphetolelo tse ling tsa Bibele tsa Senyesemane li fana ka maikutlo a hore qetellong ea bophelo ba hae, Moshe o ne a se a fokola, ’mele oa hae o se o mo sitisa ho phetha boikarabelo ba ho ba moeta-pele. Ka mohlala, The New English Bible e qotsa Moshe a re: “Hona joale ke na le lilemo tse lekholo le mashome a mabeli; ’me ha ke sa khona ho tsamaea kamoo ke ratang kateng.” Ka ho tšoanang, Bibele—Phetolelo e Ncha e re: “Ke se ke sitoa ho ea kae kapa kae.”

Leha ho le joalo, Deuteronoma 34:7 e bontša hore esita le hoja Moshe a ne a se a le moholo, o ne a sa fokole. E re: “Moshe o ne a le lilemo li lekholo le mashome a mabeli ha a shoa. Mahlo a hae a ne a sa fifala, le mafolofolo a hae a ne a sa fela.” Kahoo, Moshe o ne a ntse a le mafolofolo hore a ka etella sechaba pele, empa e ne e se thato ea Jehova hore a tsoele pele e le moeta-pele. Sena se totobatsoa ke seo Moshe a ileng a se bua ha a ne a re: “Jehova o itse ho ’na, ‘U ke ke ua tšela Jordane ena.’” Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ne a pheta taelo eo a neng a e boletse metsing a Meriba.—Numere 20:9-12.

Bophelo ba Moshe bo ne bo bile bolelele ebile e le ba bohlokoa, ’me bo ka aroloa likoto tse tharo. O ile a lula Egepeta ka lilemo tse 40, moo a ileng “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta” a ba a ba “matla mantsoeng le liketsong tsa hae.” (Liketso 7:20-22) O ile a lula Midiane ka lilemo tse ling tse 40. Ke hona moo a ileng a ithuta litšobotsi tsa Molimo tse neng li hlokahala hore a tle a etelle batho ba Jehova pele. Qetellong, ka lilemo tse 40 Moshe o ile a tsamaisa Baiseraele a ba a ba busa. Leha ho le joalo, nakong ena Jehova o ne a entse qeto ea hore Joshua, eseng Moshe, o ne a tla etella sechaba pele ho se isa ka mose ho Nōka ea Jordane e le hore se kene Lefatšeng le Tšepisitsoeng.—Deuteronoma 31:3.

Kahoo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fetisa moelelo o nepahetseng oa Deuteronoma 31:2. Moshe o ne a ke ke a hlola a tsoela pele e le moeta-pele oa Baiseraele hobane Jehova a ne a sa mo lumelle hore e be moeta-pele, eseng hobane a ne a se a fokola.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela