“Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona ke Lefe?”
ELIE Wiesel, eo e leng mohapi oa Khau ea Nobel, ea bileng a pholohileng Polao e Sehlōhō e entsoeng ke Manazi o kile a re eo “ke potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e nahanang.” Ke potso efe eo? Ke e reng, “Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe?”
Na u kile ua nahana ka potso eo? Ba bangata ba kile ba nahana ka eona, empa ha ba fumane karabo. Ha rahistori oa Brithani ea bitsoang Arnold Toynbee a ne a leka ho hlalosa morero oa bophelo, o ile a ngola tjena: “Morero oa sebele oa [ho ba teng ha] motho ke ho tlotlisa Molimo le ho fumana thabo e tsoang ho Eena ka ho sa feleng.”
Ho thahasellisang ke hore, lilemo tse ka holimo ho likete tse tharo tse fetileng, monna e mong ea neng a tsejoa ka ho hlahloba litaba ka hloko bophelong, o ne a se a ntse a hlokometse karabo ea motheo potsong ena e reng “Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe?” Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.”—Moeklesia 12:13.
Molao-motheo ona oa bohlokoa o ile oa tšehetsoa ke Jesu Kreste, Mor’a Molimo. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ile a tlotlisa Ntate oa hae oa leholimo kahohle-hohle. Bophelo ba Jesu bo ile ba matlafatsoa ke ho sebeletsa ’Mōpi oa hae. Ho ile ha mo matlafatsa, hoo a bileng a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng.”—Johanne 4:34.
Joale, lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe? Joaloka Jesu, Solomone le bahlanka ba bang ba bangata ba Molimo, re ka fumana morero oa sebele bophelong le ho thaba kamehla ka hore re etse thato ea Molimo. Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng mabapi le hore na u ka rapela Molimo ka “moea le ka ’nete” joang? (Johanne 4:24) Lipaki Tsa Jehova tsa motseng oa heno li tla thabela ho u thusa hore u arabe potso e reng, “Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe?”