Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 leq. 31
  • Ruta Bana ba Hao ho Araba Libokeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta Bana ba Hao ho Araba Libokeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rorisang Jehova Har’a Phutheho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Tsela e Molemo ea ho Lokisetsa Liboka ke Efe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Khomarela ka Tieo Polelo ea Phatlalatsa ea Tšepo ea Hao U sa Sisinyehe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 leq. 31

Ruta Bana ba Hao ho Araba Libokeng

PERLA oa Mexico o hopola hore ha e sa ntse e le ngoananyana, ’mè oa hae o ne a mo thusa ho lokisetsa likarabo tse khutšoanyane bakeng sa Thuto ea Molula-Qhooa. Hona joale Perla o na le mora ea lilemo li hlano. O thusa mora eo oa hae joang? “Ke qala ka hore ’na ka bonna ke lokisetse Molula-Qhooa. Ha ke ntse ke lokisetsa, ke sheba serapa seo mora oa ka a ka se utloisisang, seo a ka se hlalosang ka mantsoe a hae. Ebe joale re shebana le serapa seo a reng ke ‘serapa sa hae.’ Ke mo kōpa hore a se hlalose a sebelisa mehlala ea lintho tse tloaelehileng eo a e utloisisang. Ebe joale re itlhakisa ka makhetlo bakeng sa karabo eo. Re sebelisa ntho e lekanang le sebuela-hōle e le hore a tsebe kamoo a lokelang ho se tšoara kateng ha a araba. Ke thaba haholo hore ebe ha ho seboka seo a tsoang ho sona a sa araba kapa a sa phahamisa letsoho. Hangata, pele seboka se qala, o ea ho mokhanni oa thuto ebe o mo bolella hore na serapa sa hae ke sefe.”

Jens, ke moholo sehlopheng se buang Sehindi, ’me o na le bara ba babeli, e mong o lilemo li peli ha e mong a le lilemo li ’nè. Ha eena le mosali oa hae ba lokisetsa liboka le bana ba bona, ba sebelisa mokhoa oo Jens a ithutileng oona ho batsoali ba hae. O re: “Re khetha likarolo tsa boitsebiso boo tseo bana ba ka li utloisisang. Ebe joale re leka ho ba phetela kakaretso ea taba e itseng kapa ’moko-taba sehloohong se itseng, ka mor’a moo re ba botsa lipotso tseo re batlang hore ba li arabe ha re le sebokeng. Hangata re hlolloa ke tsela e hlakileng eo ba arabang lipotso tseo ka eona. Tsela eo ba arabang ka eona ehlile e bontša seo ba se utloisisang. Ka lebaka leo, ruri likarabo tsa bona li rorisa Jehova ebile li bontša tumelo ea bona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela