Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 12/1 leq. 32
  • Na Moahloli a ka Eletsoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Moahloli a ka Eletsoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 12/1 leq. 32

Na Moahloli a ka Eletsoa?

SLADJANA, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova Croatia, o ne a lokela ho hlaha khotla mabapi le litaba tse itseng tse amanang le lichelete. O ile a fihla ka nako ka pel’a moahloli. Empa, motho eo ba tsekisanang le eena o ne a e-s’o fihle. Sladjana o ne lakatsa ho fana ka bopaki, kahoo e itse ha bohle ba ntse ba letile, a iteta sebete hore a bue le moahloli.

O ile a botsa: “Monghali, na ebe u ne u tseba hore haufinyane ho ke ke ha hlola ho e-ba le baahloli le makhotla a molao lefatšeng?” Ke ’nete hore, o ne a bua ka baahloli ba kajeno.

A maketse, moahloli o ile a mo sheba feela, a se ke a bua letho. Ka nako eona eo nyeoe e ile ea qala. Eitse ha nyeoe e fela ’me Sladjana a ema hore a saene tokomane e itseng, moahloli o ile a elella pel’a hae eaba oa mo hoesheletsa o re: “Na u tiile ka taba eo u qetang ho mpolella eona, ea hore haufinyane ho ke ke ha hlola ho e-ba le baahloli le makhotla a molao lefatšeng?”

Sladjana o ile a araba a re: “Ho joalo, Monghali. Ke kholisehile hantle ka seo!”

Joale moahloli o ile a mo botsa a re: “Na u na le bopaki ba seo?”

Sladjana o ile a araba: “Bo teng ka Bibeleng.”

Moahloli o ile a re a ka lakatsa ho bala ka bopaki bo joalo, empa o ne a se na Bibele. Kahoo Sladjana o ile a ithaopela hore o tla mo fumanela eona. Lipaki li ile tsa etela moahloli enoa, tsa mo fa Bibele, eaba li mo khothaletsa hore ho be le motho ea mo khannelang thuto ea Bibele beke le beke. Moahloli eo o ile a lumela ’me ka mor’a nakoana e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Pesaleme ea 2:10, ho ea ka Bibele ea Sesotho e ile ea profeta tjena: “Joale he, marena, hlalefang; le lōna, baahloli ba lefatše, le eletsoe!” Ho thabisa hakaakang ha batho ba joalo ba amohela tataiso e lerato ea Jehova ka boikokobetso!

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Sladjana le moahloli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela