Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 2/15 leq. 32
  • Mohlala oa Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlala oa Botšepehi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 2/15 leq. 32

Mohlala oa Botšepehi

HAUFINYANE tjena, Nelma eo mosebetsi oa hae e leng ho lokisa moriri toropong ea Cruzeiro do Sul, Brazil, o ile a thulana le teko ea botšepehi ba Bokreste. Nakong eo sekhohola se neng se hlasela sebaka seo a lulang ho sona, e mong oa batho bao a neng a ba lokisa moriri kamehla o ile a fa Nelma liaparo. Ha a ntse a hlopha liaparo tseo, o ile a fumana chelete e kaalo ka R7 400 ka lipokothong tsa marikhoe a mang.

Chelete eo a neng a e fumane, e ne e lekana le moputso oa Nelma oa likhoeli tse supileng ’me o ne a hlile a e hloka. Ntlo ea hae e ne e sentsoe ke sekhohola ’me ntate oa hae le bana babo ba ne ba lahlehetsoe ke lintho tsa bona tse ngata. Ka chelete eo, o ne a ka qetela ho lokisa ntlo ea hae a ba a salloa ke chelete eo a neng a ka thusa beng ka eena ka eona. Leha ho le joalo, letsoalo la Nelma le koetlisitsoeng ka Bibele ha lea ka la mo lumella ho inkela chelete eo.—Baheberu 13:18.

Hoseng ha letsatsi le latelang, o ile a tsohella mosebetsing pele ho nako eo a tloaetseng ho qala mosebetsi ka eona ’me a ikopanya le mosali eo oa mohoebi ea neng a mo file liaparo. Nelma o ile a mo leboha ka liaparo tseo a neng a mo file tsona empa a phaella ka ho re leha ho le joalo, seo a neng a se fumane liaparong tseo sona o sitoa ho inkela sona. Mosali eo o ile a thaba haholo ha a fumana chelete eo. O ne a e beheletse ka thōko hore a tle a lefe basebetsi ba hae ka eona. Mohoebi eo o ile a re: “Botšepehi bo se bo fumaneha seoelo.”

Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba nahana hore botšepehi hase ntho ea bohlokoa hakaalo. Empa, ba ikitlaelletsang ho thabisa Molimo oa ’nete Jehova, ba nka botšepehi e le tšobotsi ea bohlokoa haholo. (Baefese 4:25, 28) Nelma o ile a re: “Haeba ke ne ke inketse chelete eo, ke ne ke sa tl’o bo hlotha bosiu.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela