Lintho Tsa Bohlokoa Tseo Bana ba ka Ithutang Tsona
GLADYS o sebetsa sekolong se seng Mendoza, Argentina. Ka letsatsi le leng o ile a feta haufi le phaposi ea ho ruta eaba o bona mosuoetsana a ntse a ruta barutoana ba sehlopha sa bone a sebelisa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.a Gladys o ile a itsebisa mosuoetsana enoa hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova eaba o ithaopela ho mo bontša kamoo a ka ruang molemo o moholo kateng bukeng ena. A khahliloe ke seo Gladys a mo hlaloselitseng sona, mosuoetsana o ile a re o batla hore buka ena e sebelisoe kamehla lenaneong la thuto ea sekolo. Leha ho le joalo, o ne a hloka tumello ea batsamaisi ba sekolo. O ile a thaba ha a fuoa tumello eo.
Hamorao, letsatsing la lenaneo la sekolo la ho khothalletsa liithuti ho bala libuka, mosuoetsana o ile a abela barutoana ba hae hore ba balle barutoana ba bang khaolo e itseng ea buka ena ka lentsoe le phahameng. Ka lebaka la tsela eo batho ba ileng ba rata lenaneo lena ka eona, mosuoetsana enoa o ile a memeloa ho ba sebui sa moeti lenaneong la thelevishene sebakeng seo. Ha ho buuoa ka boitšoaro ba bana ba kenang sekolo, motsamaisi oa lenaneo o ile a mo botsa, “U etsa joang hore bana ba itšoare hantle ka tlelaseng ea hao?” Mosuoetsana o ile a hlalosa hore o sebelisa khatiso e bitsoang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. O ile a hlalosa hore le hoja a ne a sa rute thuto ea bolumeli ka tlelaseng ea hae, o ne a sebelisa buka ena ho ba ruta mekhoa e metle e kang ho ba le tlhompho, mamello, bonngoe, tšebelisano-’moho, kutlo le lerato. Kaofela ba ile ba lumela hore tsena e ne e le lintho tsa bohlokoa tseo bana ba lokelang ho ithuta tsona.
Na u lakatsa ho ruta bana ba hao mekhoa ee? U ka kōpa e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u fe khatiso ena e thahasellisang e bitsoang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.