Lebitso la Molimo ’Minong oa Russia
KA 1877, seqapi sa ’mino sa Lerussia se tsebahalang haholo se bitsoang Modest Mussorgsky se ile sa qapa pina e neng e thehiloe liketsahalong tsa linaha tsa Bochabela bo Hare. O ile a ngolla motsoalle oa hae a re: “Ke ngotse buka e bitsoang Jesus Navinus [Joshua], ke latetse ka ho feletseng seo Bibele e se buang ke bile ke lokolisa libaka tsohle tseo Navinus a ileng a hlōla ho tsona Kanana.” Lipineng tse ling, tse akarelletsang “The Destruction of Sennacherib,” Mussorgsky o boetse o sebelisitse litaba tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng esita le mabitso a batho ba boletsoeng ka Bibeleng.
Ntho ea bohlokoa ke hore, pineng e bitsoang “Jesus Navinus,” hammoho le pineng ea hae ea 1874 e bitsoang “The Destruction of Sennacherib,” Mussorgsky o bua ka Molimo a sebelisa mokhoa oa Serrusia oa ho bitsa lebitso la Molimo, leo ka Mangolong a Seheberu le emeloang ke lilumisoa tse ’nè—יהוה (YHWH)—le bileng le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000.
Kahoo, lipina tsena tsa Mussorgsky li bontša hore, batho ba Russia ba tsebile lebitso la Molimo—e leng Jehova, le fumanehang ka Bibeleng, pele lekholo la bo20 la lilemo le qala. Seo se loketse, kaha Jehova ka boeena o ile a re ho Moshe: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”—Exoda 3:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Sekolo sa ’Mino sa St. Petersburg ka 1913, moo ’mino oa Mussorgsky o hatisitsoeng pampiring o bolokiloeng teng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Sheet music: The Scientific Music Library of the Saint-Petersburg State Conservatory named after N.A. Rimsky-Korsakov; street scene: National Library of Russia, St. Petersburg