‘Ho Atleha Nakong ea Bohlooho-putsoa’
BATHO ba bangata ba linaheng tsa Mediterranean ba lema lifate tsa palema mabaleng a matlo a bona. Lifate tsena li tsebahala ka botle le litholoana tsa tsona tse monate. Ho feta moo, li tsoela pele ho beha ka lilemo tse fetang lekholo.
Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ile a tšoantša seemo sa ngoanana e motle oa Moshulame le sefate sa palema. (Sefela sa Lifela 7:7) Buka ea Plants of the Bible e re: “Lentsoe la Seheberu bakeng sa sefate sa palema ke ‘tàmâr.’ . . . E ile ea e-ba letšoao leo Bajuda ba le sebelisang bakeng sa ntho e khahlehang le e ntle ’me ba ne ba atisa ho rehella banana ka sona.” Ka mohlala, Solomone o ne a e-na le khaitseli e ntle e bitsoang Tamare, eo e neng e le ngoan’abo ka ntat’a bona. (2 Samuele 13:1) Batsoali ba bang ba sa ntse ba reha barali ba bona lebitso leo.
Hase basali ba batle feela ba tšoantšoang le sefate sa palema. Mopesaleme o ile a bina a re: “Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema; joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo. Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova, mabaleng a Molimo oa rōna, ba tla hlahisa lithunthung. Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha.”—Pesaleme ea 92:12-14.
Ka puo ea tšoantšetso, batho ba sebeletsang Molimo ka botšepehi nakong ea botsofali ba bona ba tšoana le sefate se setle sa palema ka litsela tse ngata. Bibele e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liproverbia 16:31) Le hoja ba ka ’na ba fokola ’meleng ha lilemo li ntse li e-ea, ba hōlileng ba ka lula ba ntse ba le matla moeeng ka hore kamehla ba ithute Lentsoe la Molimo, Bibele. (Pesaleme ea 1:1-3; Jeremia 17:7, 8) Ka lebaka la mantsoe a bona a monate le mohlala oa bona o motle, batho ba hōlileng ba tšepahalang ba khothatsa batho ba bang haholo ’me ba tsoela pele ho beha litholoana selemo le selemo. (Tite 2:2-5; Baheberu 13:15, 16) Joaloka sefate sa palema, ba hōlileng ba ka atleha botsofaling ba bona.