Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/15 leq. 32
  • “Ke Ile ka Tsota Boikemisetso ba Hae bo Ikhethang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Ile ka Tsota Boikemisetso ba Hae bo Ikhethang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/15 leq. 32

“Ke Ile ka Tsota Boikemisetso ba Hae bo Ikhethang”

MONGOLI oa Lejeremane ea bitsoang Günter Grass, ea ileng a hapa Khau ea Nobel ea Bongoli ka 1999, o ile a hatisa pale ea hae ea bophelo ka 2006. Paleng ena o hlalosa nako eo ka eona a ileng a bitsoa sesoleng sa Jeremane sa tšireletso ea sechaba. Bukeng eona eo, o bua ka monna e mong ea ileng a mo khahla hoo a sa kang a mo lebala esita le ka mor’a lilemo tse 60. Ke eena ea ileng a emela tumelo ea hae a tiile tlas’a mahloriso.

Ha Grass a buisana le ba koranta e hatisoang letsatsi le letsatsi ea Frankfurter Allgemeine Zeitung, o ile a re o hopola motho enoa ea ikhethang, ea ileng a hana ho nka libetsa. Grass o ile a re monna eo “ha aa ka a tšehetsa tsamaiso leha e le efe e neng e rena ka nako eo, ebang ke Bonazi, Bokomonisi kapa Bososhiale. E ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Grass ha a sa hopola lebitso la Paki eo, ’me o ile a e reha lebitso la bosoasoi la Ha-re-etse-lintho-tse-joalo. Bafuputsi ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba re monna eo ke Joachim Alfermann. O ile a otloa le ho hobosoa khafetsa, eaba o koalloa ka seleng ea hae a le mong. Empa Alfermann o ile a lula a tiile ’me a hana ho nka libetsa.

Grass o itse: “Ke ile ka tsota boikemisetso ba hae bo ikhethang. Ka ipotsa potso ena: O khona joang ho mamella see sohle? O thusoa ke eng?” Ka mor’a ho mamella mahlomola a neng a reretsoe ho etsa hore a sekisetse botšepehi ba hae ho Molimo, qetellong Alfermann o ile a romeloa kampong ea mahloriso ea Stutthof ka February 1944. O ile a lokolloa ka April 1945, a pholoha ntoa ’me a lula e le Paki ea Jehova e tšepahalang ho fihlela a e-shoa ka 1998.

Alfermann e ne e le e mong oa Lipaki tse ka bang 13 400—tse neng li le Jeremane le linaheng tse neng li hapiloe ke Manazi—tse ileng tsa tšoaroa ka sehlōhō ka lebaka la tumelo ea tsona. Li ile tsa latela taelo ea Bibele, tsa lula li sa jele paate lipolotiking ’me tsa hana ho nka libetsa. (Matheu 26:52; Johanne 18:36) Lipaki tse ka bang 4 200 li ne li koaletsoe likampong tsa mahloriso ’me ha shoa tse 1 490. Esita le kajeno, khato eo li ileng tsa e nka e khahla batho ba bangata bao e seng balumeli-’moho le tsona empa ba tsota boikemisetso ba tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Joachim Alfermann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela