Na U Bolella ba Bang ka Tumelo ea Hao ha Menyetla e Itlhahisa?
“NA ’NETE e feletseng ke ntho e teng?” Sena e ne e le sehlooho sa tlhōlisano ea moqoqo o ngoloang e ileng ea etsoa naheng ea Poland. Litaelo tsa ho ngola moqoqo li ne li re: “Ha re hloke hore u ngole ’nete e feletseng. Ha ho na motho ea e hlokang. Taba ke hore ha ho na ’nete e feletseng.” Agata, e leng ngoanana ea lilemo li 15 ea kenang sekolo se phahameng oa Paki ea Jehova, o ile a etsa qeto ea ho sebelisa monyetla ona ho bolella ba bang ka tumelo ea hae.
Ha a itokisetsa ho ngola moqoqo oa hae, Agata o ile a qala ka ho kōpa Jehova hore a mo tataise eaba joale o bokella boitsebiso bo amanang le sehlooho seo. O ile a fumana boitsebiso bo buang ka taba eo Molula-Qhooeng oa July 1, 1995. O ile a qotsa potso eo Ponse Pilato a ileng a e botsa Jesu: “Nete ke eng?” (Johanne 18:38) O ile a re potso eo e ne e bontša maikutlo a nyelisang, e ne eka Pilato o re: ‘’Nete? Ke eng eona ntho eo? Ha ho na ntho e joalo!’ Agata o ile a ngola a re, “Potso ea Pilato e nkhopotsa litaelo tsa moqoqo oa tlhōlisano ena.”
Ka mor’a moo, o ile a tšohla maikutlo a teng a hore ’nete e itšetlehile ka motho ka mong hobane e ka ’na eaba e mong le e mong oa batho bao o “nepile.” O ile a botsa lipotso tse kang tsena, “Ke mang ho rōna ea neng a tla iteta sefuba ho palama sefofane haeba a ne a sa nahane hore melao e laolang ho fofa ha lintho sebakeng ke ’nete ka ho feletseng?” Joale o ile a bua ka Bibele, a re: “Ho itšetleha ka Lentsoe la Molimo ho thehiloe linneteng tse nang le bopaki.” O ile a re o tšepa hore ba batlang ’nete e feletseng ba tla ba le mamello ea hore ba qetelle ba e fumane.
Agata o ile a fumana lengolo la tlōtlo, ’me o ile a ba le monyetla oa ho tšetlehela sehlopha sohle sa liithuti-’moho le eena puo. Ba bangata ba bana ba kenang sekolo le eena ba ile ba lumela ho ithuta Bibele le eena. Agata o thabile hore ebe o ile a sebelisa monyetla ona ho bolella ba bang ba bangata ka tumelo ea hae. Ka sebele, ho ela hloko menyetla ea hore u bue ka tumelo ea hao ho ka beha litholoana. Ke menyetla efe eo u ka e sebelisang?