Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 11/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Machato a Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lebokose La Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 11/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na ho nepahetse hore Paki ea Jehova e ee lechatong la mong ka eona kapa la motho eo e mo tloaetseng eo e seng Paki?

Ho monate ho ba lechatong, hase feela Mokreste a ka ratang ho ba teng ketsahalong e joalo e thabisang. Ho hlakile hore bana ba menngoeng ba lokela ho kōpa tumello ho batsoali kapa ho bahōlisi ba bona, e leng bona ba ka etsang qeto tabeng ena. (Baefese 6:1-3) Empa mosali oa Mokreste o lokela ho etsa joang ha monna oa hae eo e seng Paki ea Jehova a kōpa hore a ee le eena lechatong le tšoareloang kerekeng? Letsoalo la hae le ka ’na la mo lumella hore a ee feela empa a ikemiselitse hore a se ke a etsa ntho leha e le efe e amanang le bolumeli.

Ha e le hantle, ho tsoa ho motho hore na o tla ea lechatong le itseng kapa che. Leha ho le joalo, Mokreste e mong le e mong o lokela ho elelloa hore o ikarabella ho Jehova ’me o tšoanela ho nahana ka melao-motheo ea Mangolo e ’maloa ha a etsa qeto ea hore na a ee lechatong la motho eo e seng Paki kapa che.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo Mokreste a lokelang ho ameha ka eona ke ho khahlisa Molimo. Jesu o itse: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li kopanele mesebetsing ea malumeli a mang, e kang lithapelo, meetlo kapa litšebeletso tse khahlanong le ’nete ea Bibele.—2 Bakorinthe 6:14-17.

Mokreste oa lemoha hore qeto eo a e etsang e ka ama le batho ba bang. Haeba u etsa qeto ea ho ea, na beng ka uena ba ke ke ba hlabeha haeba ho na le lintho tse itseng tseo u sa li etseng lechatong? Hape u lokela ho nahana ka tsela eo balumeli-’moho le uena ba ka ’nang ba ameha ka eona. (Baroma 14:13) Esita le haeba uena kapa litho tse ling tsa lelapa la hao le nka hore ha ho letho le phoso ka ho ea lechatong la motho eo e seng Paki, na ho etsa joalo ho ka ama bara le barali beno ba moea hampe? Na ho ka lematsa matsoalo a batho ba bang?

Machato a batho bao e seng Lipaki a ka baka mathata. U tla etsa joang haeba u kōptjoa hore u be moetsana? Kapa u tla etsa joang haeba molekane oa hao e se Paki ’me a batla ho kopanela nthong e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang? Haeba lenyalo le tla tiisoa ke moahloli kapa mosebeletsi oa ’muso, ho ea ho lona ho ka ’na ha bolela ho bona feela ha ho ngolisoa lenyalo ka molao.

Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo motho a lokelang ho ameha ka tsona mabapi le lechato le tšoareloang kerekeng kapa lenyalo le tiisoang ke moruti. U ka ’na ua etsa qeto ea hore u se ke ua ea, e le hore u mamele letsoalo la hao le koetlisitsoeng ke Bibele ’me u qobe ho sekisetsa tumelo ea hao kapa ho etsa ntho e ka ’nang ea soabisa batho ba tlileng lechatong. (Liproverbia 22:3) U ka iphokoletsa mathata le lelapa la hao ka hore u hlalose esale pele tumelo ea hao e thehiloeng Bibeleng, ka ho bontša hore na ke lintho life tseo u ka kopanelang ho tsona kapa ka ho etsa tlhahiso ea hore lintho li tsamaisoe ka tsela e ’ngoe e fapaneng.

Ka mor’a ho seka-seka maemo ’ohle, Bakreste ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore e ke ke ea e-ba phoso ho ea lechatong la motho eo e seng Paki hafeela ba sa kopanele mesebetsing ea bolumeli. Empa haeba Mokreste a hlokomela hore ha a ka ba teng a ka ’na a sekisetsa melao-motheo ea Molimo, a ka ’na a etsa qeto ea hore ho molemo ho se ee ka lebaka la mathata a amehang. Haeba a etsa qeto ea ho se ee kerekeng empa a ea moketeng o tšoaroang ka mor’a moo, o lokela ho ikemisetsa hore a “etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Tabeng ea liqeto tse joalo “e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” (Bagalata 6:5) Ka lebaka leo, ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto efe, hopola hore ntho ea bohlokoa ke ho lula u e-na le letsoalo le letle ka pel’a Jehova Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela